Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Hosea 4:11 - BIBELE

11 ba ineeletse ho etsa bootswa.” “Veine e ntjha le veine ya molatsa e hlokisa tjhaba sa ka kelello.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Bofebe le veine le jwala di fedisa kelello ya bona.

Ver Capítulo Copiar




Hosea 4:11
15 Referencias Cruzadas  

Veine ke moikakasi, jwala bo baka lerata, ya kgeloswang ke tsona o hloka bohlale.


“Ha ho lokele dikgosi, Lemuele, ho nwa veine ha ho di lokele, ho tjhatjhehela jwala ha ho lokele mahosana,


Motho ya febang o hloka kelello, ya etsang jwalo o timetsa bophelo ba hae;


Mohlalefi wa mohatelli o a thotofala, tjotjo yona e senya pelo ya motho.


Batho bana le bona ba thekesediswa ke veine, jwala bo bohale bo etsa hore ba kgothometsehe; baprista le baporofeta ba thekesediswa ke jwala, kelello di tsherehantswe ke ho itlopa veine, jwala bo bohale bo etsa hore ba kgothometsehe; ba bona dipono ba ntse ba thekesela, dinyewe ba di ahlola ba ntse ba ratseela ke jwala.


Meketeng ya bona ba letsa harepa le dikatara, ba tidinye meropa le makodilo, ba nwe veine; mosebetsi wa Morena wona ha ba o natse, tseo a di entseng tsona ha ba di bone.


“Ke bone sebe sa baporofeta ba Samaria, ba porofetile ka Baale, ba kgelosa tjhaba sa ka sa Iseraele.


Tjhaba sa ka se laola ka dikoqwana, melangwana ke yona e buang le sona. Moya wa bootswa o a se kgelosa, se furaletse Modimo, se etsa bootswa.


“Diketso tsa bona di a ba thibela, ba sitwa ho kgutla, ho kgutlela ho Modimo wa bona. Moya wa bootswa o se o ba hapile, Morena yena ha ba mo tsotelle.


“Efraime ke leebanakgorwana, leebanakgorwana le sethoto, o ipiletsa ho Egepeta, a nto ya ho Asiria.


“Ha le kena ka Tenteng ya Morena, wena, le bara ba hao, le se ke la nwa veine kapa jwala, esere la shwa. Ona e tla ba molao wa mehla yohle melokong ya lona.


“Itlhokomeleng, esere mohlomong dipelo tsa lona tsa imelwa ke botlofa le botahwa, le matshwenyeho a bophelo bona, mme letsatsi lela la le tsometsa,


Ha Abikaele a fihla ho Nabale, a fumane ho nowa, e le mokete o kang wa kgosi. Nabale o ne a nyakaletse, hobane o ne a tahilwe haholo. Ka baka leo, Abikaele a se ke a mmolella letho ho fihlela ka le hlahlamang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos