Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Hosea 3:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Yaba Jehova o re ho nna: O boele o ye, o rate mosadi ya ratwang ke molekane wa hae, leha a feba, jwalokaha Jehova a rata bana ba Iseraele, leha bona ba retelehela ho medimo esele, mme ba rata dinkgwa tsa morara.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Morena a re ho nna: “Eya, o boelane le mosadi wa hao, le hoja a se a ratana le monna e mong, e se e le sefebe. O mo rate jwalokaha Morena a rata bana ba Iseraele, le hoja ba sebeletsa medimo esele, mme ba e nyehella ka diphaphatha tsa mangangajane a morara.”

Ver Capítulo Copiar




Hosea 3:1
34 Referencias Cruzadas  

A ba a abela setjhaba sohle, e leng bongata bohle ba Iseraele, banna le basadi, e mong le e mong, polokwe ya bohobe, le sesuma sa nama e besitsweng, le senkgwa sa morara. Setjhaba sa ntoo ikela e mong hae ha hae.


Empa Jehova a hauhela Baiseraele, a ba rekolohela, a retelehela ho bona ka baka la selekane sa hae le Abrahama, le Isaaka, le Jakobo, a se ke a rata ho ba timetsa, kahobane a ne a eso ho rate ho ba lahlela hole le yena.


a ntoo abela Baiseraele bohle, banna le basadi, e mong le e mong polokwe ya bohobe, le sesuma sa nama, le senkgwana sa morara.


Empa mehauhelong ya hao e mengata, ha o a ka wa ba qeta, ha o a ka wa ba furalla; etswe o le Modimo o mohau, o lereko.


Bonang, jwaloka mahlo a bahlanka ha a tadima matsoho a benghadi ba bona, le mahlo a lekgabunyane ha a tadima letsoho la mofumahadi wa lona, mahlo a rona a tadima Jehova, Modimo wa rona, jwalo, ho fihlela a ba a re utlwela bohloko!


Hosasane ba tsoha e sa le hosasa, ba hlaba mahlabelo a ditjheso, ba hlahisa mahlabelo a teboho. Setjhaba sa dula fatshe ho ja le ho nwa, sa ntoo ema sa hobela.


Le ntiise ka maqebekwane a tholwana tsa morara, le ntlhasimolle ka diapole, hobane ke idibana ke lerato.


Sokolohelang ho nna, mme le bolokehe, lona dipheletso tsohle tsa lefatshe. Hobane ke nna Modimo, o mong ha o yo.


Ruri, jwaloka mosadi ya jang molekane wa hae ka diteme, le ntjele jwalo ka diteme, lona, ntlo ya Iseraele, ho bolela Jehova.


Na Efraime ke mora ya ratehang ho nna na, kapa a ke ngwana eo ke thabiswang ke yena na? Hobane kamehla ha ke mo kgalemela, ke nne ke hopole hoba e ntse e le yena eo; ka baka leo, mala a ka a duma bakeng sa hae; ruri ke tla mo hauhela, ho bolela Jehova.


Oho! nka o lahla jwang, Efraime? Iseraele, nka o tela jwang? Nka o lahla jwang jwaloka Adma? Nka o etsa jwang jwaloka Tseboime? Pelo ya ka e fetoha ka ho nna, mehauhelo ya ka yohle e tsohile.


hobane mma bona ke mofebi, ya ba belehileng o entse tse dihlong; hobane o itse: Ke tla latela dinyatsi tsa ka, e leng tsona tse nneang bohobe ba ka le metsi a ka, le boya ba nku, le lene, le ole, le seno.


Bofebe le veine le jwala di fedisa kelello ya bona.


Ka tsatsi la mokete wa morena wa rona, matona a ipabisa ka bohale ba veine, yena o ntshetsa basomi letsoho la hae.


mme ba robala dikobong tse nketsweng molato pela dialetare tsohle, ba nwa veine ya ditefo tsa bona tlung ya Modimo wa bona ...


Ba nwa veine mehopeng e kgethehileng, ba tlola ole tsa bohlokwa, mme ha ba utlwiswe bohloko ke leqeba la Josefa.


Empa haele nna, ke tla tadima ho Jehova, ke lebelle Modimo wa poloko ya ka; Modimo wa ka o tla nkutlwa!


Ka baka leo, ho bolela Jehova, ke boela ho Jerusalema ka mohau, ntlo ya ka e tla hahuwa teng, ho bolela Jehova wa makgotla, kgwele ya ho lekanya e otlollwe hodima Jerusalema.


Jesu a re ho yena: O tletseng mona, molekana ka? Jwale, ba atamela, ba isa matsoho ho Jesu, ba mo tshwara.


Le ke ke la nwela senwelong sa Morena le senwelong sa batemona; le ke ke la jela tafoleng ya Morena le tafoleng ya batemona.


Mme le se ke la fetoha ba rapelang ditshwantsho, jwaloka ba bang hara bona; kamoo ho ngodilweng kateng, ho thwe: Setjhaba sa dulela ho ja le ho nwa, sa ntoo ema, sa bapala.


Hobane di lekane dinako tse fetileng tseo re di phetseng re ntse re etsa ho ratwang ke bahetene, ha re ne re itsamaela ka bootswa, le ka ditakatso, le ka botahwa, le ka meharo ya dijo le ya dino, le ka tshebeletso e manyala ya medimo ya bohata.


Yaba ba lahla medimo esele e hara bona, mme ba sebeletsa Jehova; Jehova a utlwela Baiseraele bohloko ka baka la tsietsi ya bona.


Ba tswela naheng, ba kotula masimo a bona a merara, ba hata ditholwana tsa yona, ba etsa dinyehelo; ba kena tlung ya modimo wa bona, ba eja, ba enwa, mme ba rohaka Abimeleke.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos