Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Hosea 3:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Yaba ke ipatlela yena ka ditjhelete tse leshome le metso e mehlano le ka tekanyo ya harese e lekanang homere e nang le halofo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Yaba ke a mo lata, ke lefa silefera e boima ba dikeramo tse ka bang lekgolo le mashome a supileng, le dikilokeramo tse lekgolo le mashome a mahlano tsa harese.

Ver Capítulo Copiar




Hosea 3:2
9 Referencias Cruzadas  

Dilemo tsa ka di mashome a mabedi tseo ke o sebeleditseng ka tsona ka tlung ya hao; dilemo tse leshome le metso e mene bakeng sa baradi ba hao ba babedi, le dilemo tse tsheletseng bakeng sa mehlape ya hao; mme o fetotse moputso wa ka haleshome.


mpalleng thepa ya bohadi leha e ka ba kgolo, kapa dimpho, mme ke tla le nea kamoo le mpolellang kateng; empa le nnee morwetsana, e be mosadi wa ka.


Ha ntatae a hana ruri ho mo nea yena, o tla lefa ka tjhelete, kamoo serwala sa barwetsana se leng kateng.


Ditema tse leshome tsa merara di tla bea bathe e le nngwe, homere ya hlanyelo e bee efa e le nngwe.


Efa le bathe di be le tekanyo e le nngwe, hore bathe e tle e lekane le karolo ya leshome ya homere, efa le yona e lekane le karolo ya leshome ya homere; tekanyo ya tsona e tla lekanngwa ka homere.


Ka re ho yena: Ka matsatsi a mangata o ntulele, o se ke wa feba, o se ke wa kopana le monna; le nna nke ke ka kopana le wena.


Ekare ha e mong a kgethela Jehova lefapha la tshimo ya lefa la hae, o tla le lekanyetsa ka bokae ba peo ya lona, e be dishekele tsa silefera tse mashome a mahlano ka homere ya peo ya harese.


le Ruthe wa Moabe, mosadi wa Mahalone, ke ithuetse yena e be mosadi wa ka, ke tle ke tsose lebitso la ya shweleng lefeng la hae, le hore lebitso la ya shweleng le se ke la kgaolwa setjhabeng sa habo le lekgotleng la motse wa habo; kajeno le dipaki.


Saule a re: le bolelle Davida, le re: Morena ha a lakatse mapea, haese mengala e lekgolo ya Bafilesta, hore morena a iphetetse ho dira tsa hae. Athe Saule o ne a hloma a ka dihela Davida matsohong a Bafilesta.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos