Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Hosea 2:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Ke tla itjalla yena lefatsheng; mme ke tla hauhela Lo-Ruhama, ke tla re ho Lo-Ammi: O setjhaba sa ka; mme yena o tla re ho nna: O Modimo wa ka.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

23 Ke tla mo jakisa naheng ena, ke hauhele ya neng a bitswa Mohanuwa; ho bao e neng e se setjhaba sa ka ke tla re: ‘Le setjhaba sa ka,’ bona ba re: ‘O Modimo wa ka.’ ”

Ver Capítulo Copiar




Hosea 2:23
33 Referencias Cruzadas  

O Modimo wa ka, ke o roka ke hona; o Modimo wa ka, ke a o rorisa.


Dipheletso tsohle tsa lefatshe di tla hopola Jehova, di sokolohele ho yena, mefuta yohle ya ditjhaba e tla kgumama pela hao;


Mahosana a tla tla, a etswa Egepeta; Ethiopia o tla phakisa a otlollele matsoho a hae ho Modimo!


Nala ya mabele e tla ba teng lefatsheng hodima dithaba, diqwapi tsa wona di hwase jwaloka merokodi e dumang Lebanone; batho ba tla atleha metseng jwaloka dimela tsa naha.


Moratuwa wa me ke wa me, mme nna ke wa hae; o fudisa mohlape wa hae hara mehaladitwe.


E mong o tla re: Ke wa Jehova. E mong o tla ipitsa ka lebitso la Jakobo, e mong a ingolle Jehova hodima letsoho la hae, a rorise lebitso la Iseraele.


Oho Jehova, matla a ka, le qhobosheane ya ka, le setshabelo sa ka tsatsing la tlokotsi, ditjhaba di tla tla ho wena, di etswa pheletsong tsa lefatshe, mme di tla re: Ruri, bontata rona ba ruile leshano le mafeela a se nang thuso.


Mme le tla nne le be setjhaba sa ka, nna ke be Modimo wa lona.


Bonang, ho bolela Jehova, ho tla matsatsi ao ka wona ke tlang ho jalla ntlo ya Iseraele le ntlo ya Juda peo ya batho le peo ya dikgomo.


E tla ba setjhaba sa ka, nna ke be Modimo wa bona.


le hona ke tla lahla ditloholo tsa Jakobo le tsa Davida, mohlanka wa ka, ke se ke ka hlola ke nka baneng ba hae ya tla busa ditloholo tsa Abrahama le tsa Isaaka le tsa Jakobo; hobane ke tla busetsa ba kgolehong ba bona, ke ba hauhele.


Ke tla le ntsha ditshileng tsa lona tsohle, mme ke tla mema koro, ke e atise, ke se ke ka hlola ke le romela tlala;


Mosadi a boela a emola, a tswala ngwanana; Jehova a re ho Hosea: O mo ree lebitso la Lo-Ruhama (ya sa hauhelwang); hobane ha ke sa tla hauhela ntlo ya Iseraele ka ho e tshwarela.


Ba tla howeletsa ho nna, ba re: Modimo wa rona, rona Iseraele, re o tsebile.


Leha ke ba jadile hara ditjhaba, ba tla nkgopola naheng tse hole, mme ba tla phela le bara ba bona, ba be ba kgutle.


Eo ya boraro, yona ke tla e kenya mollong, ke ba qhibidise jwaloka ha ho qhibidiswa silefera, ke be ke ba tsheke jwaloka, ha ho tshekwa kgauta. Ba tla rapela lebitso la ka, mme ke tla ba arabela. Ke tla re: Ke setjhaba sa ka, mme sona se tla re: Jehova ke Modimo wa rona.


Mme masala wohle a ditjhaba tsohle tse neng di futuhetse Jerusalema, a tla nyoloha, ka selemo se seng le se seng, ho ya rapela Morena, Jehova wa makgotla, le ho etsa mokete wa Metlotlwane.


Jehova e tla ba morena wa lefatshe lohle. Ka tsatsi leo, Jehova o tla ba mong, lebitso la hae le be leng.


Ditjhaba tse ngata di tla kgomarela Jehova ka tsatsi leo, mme e tla ba setjhaba sa ka; ke tla dula kahare ho wena, o tle o tsebe hobane Jehova wa makgotla o nthomile ho wena.


Hobane, ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, lebitso la ka le leholo hara ditjhaba, le nqalong tsohle dibano di a tjheswa, mahlabelo a hlahisetswa lebitso la ka, e leng mahlabelo a hlwekileng; hobane lebitso la ka le leholo hara ditjhaba, ho bolela Jehova wa makgotla.


Na Modimo ke Modimo wa Bajuda ba nnotshi na? Na hase le wa baditjhaba na? E, ke wa baditjhaba le bona.


Ke le Jakobo, mohlanka wa Modimo le wa Morena Jesu Kreste, ke ngolla meloko e leshome le metso e mmedi e qhalaneng, ke re: Dumelang!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos