Mikea 7 - BIBELEBoitshwaro ba Baiseraele bo bodile 1 Ke madimabe hakaakang! Ke ka motho ya reng o kgola tholwana, ya reng o kgola tsa hlabula athe ha di yo. Ke ka rapa sa morara se kgwahlapisitswe; ha ho lesihla la morara le ka jewang, ha ho feiye ya pele eo nka e lakatsang. 2 Ba hlomphang Modimo ha ba sa le yo lefatsheng, ha ho le ya mong ya etsang ho lokileng; bohle ba laletse ho tsholla madi, motho o tjhehile ngwanabo, o mo tjhehile ka letlowa. 3 Ka matsoho a bona ba ithutile ho etsa bokgopo, ba bile ba bo etsa ba kgothetse; mmusi o batla hore a ntshetswe dimpho, moahlodi yena o amohela tjotjo; ba matla ba laela hore ho phethwe ditakatso, takatso tsa bona tse kgopo, ba loha mano jwalo ba le hammoho. 4 Ya lokileng ho ba feta o ka hlabahlabane, ya tshepahalang ho ba feta o ka lekgwakgwa le baletswe ka leoka. Letsatsi la balebedi ba hao le fihlile, letsatsi leo Modimo a tla o otla ka lona, nako ya hore ba ferekane jwale e fihlile. 5 O se tshepe ya ahisaneng le wena, motswalle le yena o se ke wa mo tshepa; esita le ho yena mosadi wa hao, o ele hloko seo o se buang ho yena. 6 Mora o hlompholla ntatae, moradi o fetohela mmae, ngwetsi e fetohela matsalayo, ba lapa la motho ke bona dira tsa hae. 7 Empa nna ke tla lebella Morena, ke lebelle Modimo, Mopholosi wa ka; Modimo wa ka o tla nkutlwa. Morena o tla pholosa setjhaba sa hae 8 Wena sera sa ka, o se ke wa nyakalla ka nna! Leha nka wa ke tla boela ke tsohe; leha nka dula lefifing Morena o tla mponesetsa. 9 Ke sitetswe Morena, ke entse sebe, kahoo kgalefo ya Morena ke tla e mamella, ke e mamelle ho fihlela a ntwanela, a ntwanela, a nnea tokelo ya ka. Morena o tla nkisa, a nkise kganyeng ya hae, teng ke bone ho loka ha hae. 10 Ke moo dira tsa ka di tla bona, di bone, di aparelwe ke dihlong, tsona dira tse neng di bua ho nna, di re: “O kae Morena Modimo wa hao?” Ke tla bona ha di hatakelwa ka maoto, di hatakelwa sa qhafutso diterateng. 11 Tsatsi le tla fihla la ho tsosa marako a motse, tsatsi la ho atolosa meedi ya lona. 12 Mohla tsatsi leo batho ba tla tla ho lona, ba tle ba etswa Asiria le Egepeta, ba etswa Egepeta, ba etswa Euferatese; ba tle ba etswa mawatleng wohle, ba tle ba etswa dithabeng tsohle. 13 Lefatshe le tla fetoha nanaola, le fetohe nanaola ka baka la baahi ba lona, le fetohe nanaola ka baka la diketso tsa bona. Morena o hauhela Baiseraele 14 Morena, ka lere la hao alosa mohlape wa hao, alosa mohlape oo e leng lefa la hao, mohlape o dulang o le inotshi kahara moru, o dulang kahara makgulo a nonneng; o ke o fule Bashane le Gileade, o fule teng jwaloka mehleng ya boholoholo. 15 “Ke tla bontsha tjhaba sa ka, ke se bontshe dimakatso, ke se bontshe tsona sa mohla se tswang Egepeta.” 16 Ditjhaba di tla bona, di hlajwe ke dihlong, le hoja di le matla; ditjhaba di tla makala, di be di hlollwe, le tsebe tsa tsona di be di thibane. 17 Di tla nyeka lerole jwaloka dinoha, di le nyeke sa dihahabi di holoba fatshe. Di tla tswa diahelong tsa tsona di thothomela, di retelehele ho Morena, Morena Modimo wa rona, di retelehele ho yena di tshohile, di tshohile haholo hobane di o tshaba. 18 Ke Modimo ofe ya tshwanang le wena? Ya tshwarelang dibe, a leballe ditlolo tsa masalla a setjhaba sa hae? Wena o Modimo ya sa halefeleng ruri, wena o Modimo ya thabelang ho hauhela. 19 O tla boela o re utlwela bohloko, makgopo a rona o a hatakella fatshe, dibe tsa rona o di lahlela botebong ba lewatle. 20 O tla bontsha Jakobo, o mmontshe botshepehi ba hao, Aborahama le yena o mo hauhele, jwalokaha o ila wa hlapanya, wa hlapanyetsa bo-ntata rona mehleng ya kgalekgale. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa