Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mikea 7:16 - BIBELE

16 Ditjhaba di tla bona, di hlajwe ke dihlong, le hoja di le matla; ditjhaba di tla makala, di be di hlollwe, le tsebe tsa tsona di be di thibane.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Ditjhaba di tla bona, di hlajwe ke dihlong bakeng sa matla wohle a tsona; di tla ipea letsoho hodima molomo, di thibane ditsebe.

Ver Capítulo Copiar




Mikea 7:16
17 Referencias Cruzadas  

Ntadimeng, le tswe le makala, le thibe melomo ka matsoho a lona.


“Bona, ha ke letho! Nka o araba jwang? Ka tsoho la ka ke thiba molomo wa ka.


Yaba re keketeha ke ditsheho, maleme a rona a etsa ditlatse. Jwale hara ditjhaba ha thwe: “Morena o ba etseditse tse kgolo.”


“Haeba o bile sethoto, wa ikgantsha, kapa wa nahana merero e mebe, bea letsoho molomong o kgutse,


Tsoho la hao le phahamisitswe, Morena, empa batho bana bona ha ba le bone; ako ba bontshe ha o tjhesehela tjhaba sa hao, ba bone, mme dihlong di ba aparele, mollo o tjhesang dira tsa hao o ba timetse.


Empa tjhaba tse ngata di tla mo makalla, kgosi di fetohe dimumu kapele ho yena, hobane di tla be di bona seo di esong ho se bolellwe, seo di esong ho se utlwe, di tla se utlwisisa.


“Ke tseba diketso tsa bona le mehopolo ya bona; nako e tla fihla, ke kgobokanye ditjhaba, le ba dipuo tsohle, bohle ba tla tla ba bohe tlotla ya ka.


Ke tla bonahatsa jwalo boholo ba ka le kgalalelo ya ka, ke itsebise ditjhaba tse ngata moo di ntseng di bona. Kahoo di tla tseba hore ke nna Morena.’ ”


Bo-radipono dihlong di tla ba hlaba, dinohe le tsona di tlontlolohe; kaofela ha bona ba tla ikgurumetsa difahleho, hobane Modimo a sa ba arabele.”


Masalla a Jakobo a tla ba teng, a be teng hara ditjhaba, a be teng hara merabe e mengata, a be jwaloka tau hara dibatana tsa meru, a be jwaloka tawana hara mehlape ya dinku, tawana e fetang e harola, e tsekolla, empa ho se ya ka pholoswang, ya ka pholoswang tleneng tsa yona.


Ke tla phethola diterone tsa dikgosi, ke fedise matla a mebuso ya baditjhaba. Ke tla phethola dikariki tsa ntwa le ba di palameng; dipere di tla shwa, le bapalami ba tsona ba bolayane ka disabole tsa bona.


Mohla tsatsi leo, ke tla timetsa ditjhaba tsohle tse futuhelang Jerusalema.”


Jwale re tseba hore tsohle tseo Molao wa Moshe o di bolelang, o di bolella ba leng tlasa Molao oo, hore ho se be ya ka itatolang, mme lefatshe lohle le tle le be tlasa kahlolo ya Modimo.


Baditjhaba ba ile ba halefa, jwale ha fihla kgalefo ya hao, le nako ya ho ahlola bafu, le ya ho putsa bahlanka ba hao, baporofeta, le bahalaledi, le bohle ba o tshabang, ba banyenyane le ba baholo; le nako ya ho timetsa ba timetsang lefatshe.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos