Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mikea 7:3 - BIBELE

3 Ka matsoho a bona ba ithutile ho etsa bokgopo, ba bile ba bo etsa ba kgothetse; mmusi o batla hore a ntshetswe dimpho, moahlodi yena o amohela tjotjo; ba matla ba laela hore ho phethwe ditakatso, takatso tsa bona tse kgopo, ba loha mano jwalo ba le hammoho.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ba kena ka matsoho a mabedi bobeng, hore ba bo phethe: morena o a qela, moahlodi o ahlolela moputso, e moholo yena o bolela takatso e mpe ya moya wa hae; hammoho ba sothanya ditaba.

Ver Capítulo Copiar




Mikea 7:3
26 Referencias Cruzadas  

Ya robang leihlo o rera bokgopo, ya petlang melomo bobe o sa bo entse.


Motho ya kgopo o amohela tjotjo sephiring, ka yona o kgopamisa ditsela tsa toka.


Babusi ba wona ke mahlabaphiyo, ba fetohile metswalle ya mashodu, kaofela ha bona ba rata tjotjo, kaofela ha bona ba labalabela dimpho. Ha ba ahlolele kgutsana hantle, nyewe ya mohlolohadi le yona ha ba e emele.


Bonang, Morena o tswa ka leahong la hae, ho ahlolela baahi ba lefatshe dibe tsa bona. Fatshe le tla hlahisa madi a tsholletsweng hodima lona, ba bolaetsweng ho lona le ke ke la hlola le sa ba pata.


Batho bohle ba tla hatellana, motho ka mong a hatelle e mong, ba ahisaneng le bona ba hatellane. Batjha ba tla tsohela baholo ba bona matla, ba eisehang ba tsohele batlotlehi matla.


Mekgwa ya senokwane e mebe, kamehla se rera merero e kgopo, ho timetsa mafutsana ka polelo tsa mashano, leha thapedi ya bahloki e nepahetse.


ba lokollang ya molato ka baka la tjotjo, ya se nang molato yena ba mo hlokele toka.


na o tla nkgalefela kamehla, disuwa tsa hao e be tsa mehla yohle?’ Dintho tsena tsohle o di buile, wa etsa bokgopo bohle ka boithatelo ba hao.”


“Tjhaba sa ka se thotofetse, ha se sa ntseba, ke tseketseke tsa bana, ha se na kutlwisiso; ho etsa bokgopo se ho hlalefetse, ho etsa botle hona ha se ho tsebe.”


Kahoo basadi ba bona ke tla ba nea banna basele, masimo a bona ke a nee ba ba hlotseng; ho tloha ho e monyenyane ho isa ho e moholo, bohle ba labalabela qhoqha, baporofeta le baprista ka ho tshwana, kaofela ha bona ba phela ka bolotsana.


Ba bang ba amohetse tjotjo hore ba tle ba tsholle madi, ba bang ba iphumanela tswala e fetang tekanyo, ba fumana phaello ka ho hanyapetsa ba bang, mme jwale ba ntebetse, ho rialo Morena Modimo.


Mahosana a bona a jwaloka diphiri tse harolang diphoofolo tseo di di bolaileng. A tsholla madi, a bolaya batho hore a tle a ithuise ka mano.


“ ‘Bona kamoo e mong le e mong wa mahosana a Iseraele, ao e leng baahi ba hao, a sebedisang matla a hae ho tsholla madi kateng!


Dinku tsohle tse tsetang le ile la di thesela ka lehlakore le ka lehetla, la ba la di kweba ka dinaka tsa lona, ho fihlela le di qhalanyetsa kantle ho makgulo.


Jwale Morena a re ho nna: “Bokgopo ba ntlo ya Iseraele le ba ntlo ya Juda bo boholo haholo. Naha e tletse dipolao, toka ha e yo motseng ona. Ba re: ‘Morena o furaletse naha ena; Morena ha a bone.’


Dino tsa bona di a ba tahisa, ba etse bootswa ba sa kgaotse; babusi ba bona ba hlanyetsa tse dihlong.


“Ka bokgopo ba bona ba thabisa kgosi, ba thabise le mahosana ka mashano a bona.


Ke tseba palo ya ditlolo tsa lona, le boholo ba dibe tsa lona ke a bo tseba: Le tuba ya lokileng, le tjotjo le e amohele, ha le ahlolele mofutsana ka toka makgotleng.


Empa lona tjhaba sa ka le iphetotse sera! Motho wa kgotso ha a feta ka tsela, a iphetela, a sa nahane tsa ntwa, le mo amoha kobo a e apere.


Baetapele ba yona ba ahlolela ba ba neang tjotjo, baprista ba yona ba rutela ho newa moputso, baporofeta ba yona ba porofetela tjhelete; ho le jwalo, ba tshepile Morena, ba re: “Ha re re Morena o teng kahara rona? Ha ho koduwa e ka ba re wela hodimo!”


Le hloile botle, le rata bokgopo, le thwebola setjhaba sa ka, le se thwebola letlalo, le se tswebolotse dinama masapong;


o re: “Le tla mphang, ke tle ke le neele yena?” Ba mo lefa ditjhelete tsa silefera tse mashome a mararo.


Ka baka leo, le se ke la ahlola e eso be nako, Morena a eso kgutle, e leng yena ya tla senola tse lefifing, a pepese merero ya dipelo tsa batho. Ke moo e mong le e mong a tla fumana thoriso e mo lokelang ho Modimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos