Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mikea 7:9 - BIBELE

9 Ke sitetswe Morena, ke entse sebe, kahoo kgalefo ya Morena ke tla e mamella, ke e mamelle ho fihlela a ntwanela, a ntwanela, a nnea tokelo ya ka. Morena o tla nkisa, a nkise kganyeng ya hae, teng ke bone ho loka ha hae.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ke tla jara kgalefo ya Jehova, hobane ke mo sitetswe, a tle a be a emele nyewe ya ka, a nkahlolele: o tla nntshetsa leseding, mme ke tla boha ho loka ha hae.

Ver Capítulo Copiar




Mikea 7:9
36 Referencias Cruzadas  

Eitse ha Davida a bona lengeloi la Morena le timetsang setjhaba, a re ho Morena: “Ke nna ya sitilweng, ke nna ya entseng bobe; jwale dinku tsee tsona di entseng? Ke a rapela: Mpe o otle nna le ba lelapa leso.”


Empa Modimo o tseba metsamao ya ka; ha a nteka ke tla tswa ke hlwekile seka kgauta.


“A ka o mamela jwang, o re ha o mmone; o re nyewe ya hao e kapele ho yena, wena o so lebeletse yena feela?


Ako emele nyewe ya ka, o ntopolle; o nnee bophelo ho ya ka tshepiso ya hao.


O tla etsa hore ho loka ha hao ho kganye, ho kganye jwaloka lesedi, le ditokelo tsa hao di kganye jwaloka letsatsi, motsheare o moholo.


Modimo, ako nkahlolele, o emele nyewe ya ka, o ntshireletse ho batho bana, batho bana ba se nang mohau, o ntopolle ho motho ya thetsang, o ntopolle le ho ya bolotsana.


dira di ke di ntelekise, di ntshware, di ke di nkgatakelle fatshe, di mpolaye, di nkepele leroleng.


Dikahlolo di tla boela di etswa ka toka, bohle ba pelo di ntle ba tla e latela.


Ke tla tsamaisa difofu ka tsela eo di sa e tsebeng, ke di tataise tseleng eo di sa e tlwaelang; lefifi ke tla le fetola lesedi kapele ho tsona, ke batalatse baka tse makukuno. Tsena ke ntho tseo ke tla di etsa, mme ha nka ke ka tlohela ho di etsa.


O tla tutubolla mahlo a difofu, o lokolle batshwaruwa, o ba lokolle ditjhankaneng, o lokolle ba dutseng lefifing la tjhankana.


Ho loka ha ka ke ho tlisa haufi, ebile ha ho sa le hole haholo, ho pholosa ha ka ho ke ke ha dieha. Sione ke tla e pholosa, Iseraele ke e tlotlise.


Morena, Morena wa hao, Modimo wa hao, yena ya buellang tjhaba sa hae, o bua tjena: “Bona! Ke phamotse letsohong la hao senwelo se neng se o tsekedisa; senwelo seo sa kgalefo ya ka o ke ke wa hlola o nwela ho sona hape.


Morena o bua tjena: “Ahlolang ka toka, le etse ho nepahetseng, hobane ho pholosa ha ka ho se ho le haufi, le ho loka ha ka ho se ho tla senolwa.


Ke madimabe hobane ke tswile kotsi! Leqeba la ka ha le ka ke la fola! Empa ka pelong ka ikgothatsa, ka re: “Ena ke tsietsi ya ka, ke tlameha ho e mamella.”


Oho, Morena, leha re qoswa ke dibe tsa rona, ako re thuse ka baka la lebitso la hao. Re kgelohile haholo, re fela re o sitetswe!


“ ‘Morena o re lokolotse molatong wa rona, tloong, re yo phatlalatsa tsena Sione, re bolele mesebetsi ya Morena, Modimo wa rona.’


“Morena yena o lokile, hobane ke fetohetse molao wa hae. Lona ditjhaba tsohle, mmameleng! Tadimang, le bone matshwenyeho a ka! Thwetsana ya ka le tlhankana ya ka, kaofela ha bona ba isitswe bothopuweng!


Le nna he, ke ile ka ba lwantsha, ka ba tlisa naheng ya dira tsa bona. Empa haeba dipelo tsa bona tse thatathata di ka ikokobetsa, mme ba dumela ho otlelwa makgopo a bona,


Le tla boela le tseba hore na ya lokileng o fapane jwang le ya kgopo, ya sebeletsang Modimo o fapane jwang le ya sa mo sebeletseng.”


Ka baka leo, le se ke la ahlola e eso be nako, Morena a eso kgutle, e leng yena ya tla senola tse lefifing, a pepese merero ya dipelo tsa batho. Ke moo e mong le e mong a tla fumana thoriso e mo lokelang ho Modimo.


Jwale ke se ke beetswe mofapahlooho wa ho loka, oo Morena, moahlodi ya lokileng, a tlang ho mputsa ka wona ka Letsatsi lela; e seng nna feela, empa le bohle ba lebeletseng boiponahatso ba hae.


Wena lehodimo, le lona bahalaledi, le baapostola, le baporofeta, thabang ke hona, hobane Modimo o le ahloletse ka ho ahlola motse oo!’ ”


Ka baka leo, Morena e ke e be yena moahlodi, a ahlole pakeng tsa rona le wena. A ke a bone, a mpuelle, a nnamolele matsohong a hao.”


Ha Davida a utlwa hore Nabale o shwele, a re: “A ho bokwe Morena, ya pheteditseng tlhapa eo Nabale a ntlhapaotseng ka yona, ya ileng a thibela mohlanka wa hae hore a se ke a etsa bobe, ya entseng le hore Nabale a jewe ke bokgopo ba hae.” Yaba Davida o bua le Abikaele ka tsa ho mo nyala.


Davida a boela a re: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, o se ke wa leka! Ke Morena ya tla mmolaya. Nako ya ho shwa ha hae e tla fihla, kapa o tla bolaelwa ntweng.


Samuele a mmolella tsohle, a se ke a mo patela letho. Eli a re: “Eo he, ke Morena. Ha a ke a etse seo a bonang se lokile mahlong a hae.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos