Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mikea 7:19 - BIBELE

19 O tla boela o re utlwela bohloko, makgopo a rona o a hatakella fatshe, dibe tsa rona o di lahlela botebong ba lewatle.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 O tla boela o re rekolohele; o tla hatakela makgopo a rona, o akgele dibe tsa rona kaofela bodibeng ba lewatle.

Ver Capítulo Copiar




Mikea 7:19
36 Referencias Cruzadas  

Davida a re ho Gade: “Ke tlaletswe haholo! Ho ena le ho wela diatleng tsa motho, re ka mpa ra wela diatleng tsa Morena, hobane mohau wa hae o moholo.”


Jwalokaha botjhabela bo le hole le bophirimela, le ditlolo tsa rona o a di suthisa, o di suthisetsa hole le yena hakaalo.


Ke yena ya tla lopolla Iseraele bokgopong bohle ba hae.


O ile wa leballa setjhaba sa hao, wa se leballa molato wa sona, wa se tshwarela dibe tsohle tsa sona.


Ha ho moahi wa Sione ya tla re: “Ke a kula!” Dibe tsa baahi ba moo di tla tshwarelwa.


Bohloko ba pelo ya ka bo fetohile pholoho, rato la hao le mphemisitse lemena la timelo, o furaletse dibe tsohle tsa ka.


Nna, nna ke inotshi, ke hlakola ditshito tsa hao, ke di hlakola ka baka la ka, ha ke sa hlola ke hopola dibe tsa hao.


Na ebe Efraime ke mora ka eo ke mo ratang? Na ebe ke yena ngwana ka ya nkgahlang? Leha ke ye ke mo nyatse, ke ntse ke mo hopola, pelo ya ka e mo hlolohelwa haholo, ke mo utlwela bohloko haholo,” ho rialo Morena.


Motho ha a sa tla hlola a ruta ya ahisaneng le yena, leha e le ngwanabo, a re: ‘Tseba Morena,’ hobane ba tla ntseba bohle, ho tloha ho ya eisehang ho isa ho ya hlomphehang,” ho rialo Morena. “Ke tla ba tshwarela makgopo a bona, ha ke sa tla hlola ke hopola dibe tsa bona.”


Ke tla hlakola makgopo wohle a bona, ao ba ntshitetsweng ka wona, ke ba tshwarele dibe tsohle tseo ba di entseng, mme ba ntshitelwa ka tsona.


Ka matsatsi ao, le ka nako eo,” ho rialo Morena, “bokgopo ba Baiseraele bo tla batlisiswa, empa ha bo ka ke ba ba ba fumaneha; le dibe tsa morabe wa Juda di tla batlisiswa, empa le tsona ha di ka ke tsa ba tsa fumaneha, hoba masalla ao ke tla a tshwarela.”


Ka baka la lerato la Morena, rato le sa feleng, ha re a ka ra ba ra timela, mehauhelo ya hae ha e eso ka e kgaotsa;


Leha a tlisa maswabi, o utlwela bohloko, ka baka la boholo ba mehauhelo ya hae.


Ditshito tsa hae tsohle, tseo a di entseng, a ke ke a hlola a sa di hopotswa. O tla phela ka baka la diketso tsa hae tse lokileng.


Nke ke ka hlola ke ba patela sefahleho sa ka, hobane ke theoletse Moya wa ka hodima ba ntlo ya Iseraele, ho rialo Morena Modimo.”


“Lemo tse mashome a supileng, a supileng hasupa, di baletswe tjhaba sa heno le motse o halalelang, hore ditshito tsohle di tle di fediswe, dibe le tsona le ke le di fedise, ho etswe poelano bakeng sa ho etsa bokgopo, ho loka ha kamehla ho tle ho be teng, ho phethahatswe dipono, le bona boporofeta, Ya Halalelang haholo le yena a tlotswe.


Itokisetseng tseo le tla di bua, le kgutlele ho Morena, le re ho yena: “Ako re tshwarele bokgopo bohle ba rona, mme thapedi ya rona o e amohele. Bakeng sa ho nyehela ka mahlabelo a dipohwana, re tla o boka ka melomo ya rona.


Jwale Morena o re: “Bokwenehi ba bona ke tla bo fedisa, ke ba rate ka rato lohle la pelo ya ka, hobane kgalefo ya ka e ba fapohile.


Lengeloi la bua le ba neng ba eme kapele ho lona, la re: “Mo hlobodiseng diaparo tsena tse ditshila!” La nto re ho Joshua: “Bona, ke fedisitse bokgopo ba hao, mme ke tla o apesa diaparo tse ntlentle.”


Sebe se ke ke sa ba le matla hodima lona, hobane ha le sa le tlasa Molao, empa le tlasa mohau.


Ha le phela ka ho ya ka botho, le tla shwa, empa haeba le bolaya diketso tsa botho ka Moya, le tla phela.


Morena Modimo wa lona, o tla le kgutlisa bothopuweng, a le hauhele, mme a boele a le phuthe ditjhabeng tsohle tseo Morena Modimo wa lona, a le qhalanyeditseng hara tsona.


Morena Modimo wa lona, o tla bolotsa dipelo tsa lona, le dipelo tsa bana ba lona hore le rate Morena Modimo wa lona, ka dipelo tsa lona tsohle, le ka maikutlo a lona wohle, e le hore le tle le phele.


“Morena o tla ahlola, a ahlolele tjhaba sa hae, a utlwele bahlanka ba hae bohloko, ha a bona matla a bona a fedile, a sa siye mothopuwa kapa molokolohi.


Yena o iteletse rona, hore a tle a re lopolle bokgopong bohle, a itlhwekisetse setjhaba seo e tla ba sa hae, se tjhesehelang mesebetsi e metle.


Ke tla ba tshwarela makgopo a bona, ha ke sa tla hlola ke hopola dibe tsa bona.”


Ya ntseng a etsa sebe ke wa Diabolosi, hobane haesale Diabolosi a etsa sebe ho tloha tshimolohong. Seo Mora wa Modimo a se tletseng ke ho fedisa mesebetsi ya Diabolosi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos