Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mikea 7:18 - BIBELE

18 Ke Modimo ofe ya tshwanang le wena? Ya tshwarelang dibe, a leballe ditlolo tsa masalla a setjhaba sa hae? Wena o Modimo ya sa halefeleng ruri, wena o Modimo ya thabelang ho hauhela.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Modimo ke ofe o jwaloka wena, o tlosang bokgopo, o tshwarelang dibe tsa masala a lefa la hao? O ke ke wa boloka bohale ba wona ka ho sa yeng kae, hobane haele wona, o kgahlwa ke ho hauhela.

Ver Capítulo Copiar




Mikea 7:18
80 Referencias Cruzadas  

Haeba o etsa hantle, na sefahleho sa hao ha se na ho bontsha kgotso? Empa ha o sa etse hantle, sebe se laletse monyakong wa hao, se a o lakatsa; feela wena eka kgona o se hlole.”


mme a re: “Morena Modimo wa Iseraele, ha ho Modimo ya kang wena hodimo lehodimong, kapa tlase lefatsheng, ya bolokang selekane le bahlanka ba hae, a ba bontshe mohau ha ba mo tshepa ka dipelo tsa bona tsohle.


Haeba le kgutlela ho Morena, bana babo lona, le bana ba lona, ba tla fumana mohau ho bathopi ba bona, mme ba tla kgutlela naheng ena, hobane Morena Modimo wa lona, o mosa, o mohau. A ke ke a le furalla, ha le kgutlela ho yena.”


Ako mamele kopo ya mohlanka wa hao, le ya setjhaba sa hao sa Iseraele, ha se rapela se tadimile sebakeng sena. Mamela o le leahong la hao le lehodimong, mme ha o utlwa, o se tshwarele.


Ba hana ho mamela, ba lebala ketso tsa hao, dimakatso tsa hao, tse entsweng hara bona; ba se ke ba di natsa, ba ba manganga, ba o fetohela, ba ikgethela moetapele, hore a ba busetse bokgobeng ba bona. Empa o Modimo ya tshwarelang kamehla, o lereko, o mohau, o dieha ho halefa, o bile o lerato, mme ha o a ka wa ba furalla.


Jwalokaha ntata bana a ba utlwela bohloko, ka mokgwa o jwalo le Morena o utlwela ba mo tshabang bohloko.


Empa wena o a re tshwarela, e le hore re tle re o hlomphe.


Masapo a ka wohle a tla re: “Morena, ke mang ya kang wena, wena molopolli wa mohlophehi ho ya mo fetang ka matla, le wa mohlophehi le mofutsana, ho ya mo tlatlapang?”


wena ya utlwang thapelo. Batho bohle ba tla tla ho wena,


ba tle ka baka la dibe tsa bona. Ha re imetswe ke melato, wena o a re tshwarela.


le tsa ho loka ha hao, ho fihlang hodimodimo, wena Modimo. O entse tse kgolo, Modimo; ke mang ya tshwanang le wena?


Empa wena Morena, o Modimo o na le kutlwelobohloko le mosa, o dieha ho halefa, o tletse mohau le botshepehi.


Wena Morena, o molemo, o a tshwarela; mohau wa hao o moholo ho bohle ba ipiletsang ho wena.


Morena, mahodimo a a boka, a boka dimakatso tsa hao, a bolela botshepehi ba hao phuthehong ya bahalaledi.


Phuthehong ya bahalaledi Modimo o tshajwa haholo, o hlomphuwa haholo ke bohle ba mo teetseng hare.


“Morena, ke mang ya kang wena hara medimo? Ke mang ya kang wena, ya tlotlehang ka kgalalelo? Ya tshabehang ka botumo? Ya etsang mehlolo?


Yaba o re: “Haeba jwale o nkgauhetse, ke rapela hore Morena a ke a tsamaye le rona, le hoja re le setjhaba se manganga. Ako re tshwarele bokgopo ba rona le dibe tsa rona, mme o re etse ba hao.”


“Tloong re lokise ditaba,” ho rialo Morena. “Leha dibe tsa lona di ka ba kgubedu, di tla sweufala jwaloka lehlwa; leha di ka ba kgubedu tlere! di tla sweufala jwaloka boya.


Ha ho moahi wa Sione ya tla re: “Ke a kula!” Dibe tsa baahi ba moo di tla tshwarelwa.


Bohloko ba pelo ya ka bo fetohile pholoho, rato la hao le mphemisitse lemena la timelo, o furaletse dibe tsohle tsa ka.


Jwale Modimo le ka mo lekanya le mang? Hona le ka re o tshwana le mang?


“Jwale le ka ntekanya le mang? La re thaka ka yena ke mang?” ho rialo Ya Halalelang.


Nna, nna ke inotshi, ke hlakola ditshito tsa hao, ke di hlakola ka baka la ka, ha ke sa hlola ke hopola dibe tsa hao.


Ke hlakotse tshito tsa hao jwaloka leru, ka hlakola dibe tsa hao jwaloka mohodi, kgutlela ho nna, hobane ke o lopolotse.”


ya kgopo a furalle ditsela tsa hae, molotsana a furalle mehopolo ya hae, a sokolohele ho Morena wa hae, mme Morena o tla mo hauhela; a sokolohele ho Modimo wa rona, hobane yena o tshwarela haholo.


Maeto a lona a malelele a le baketse mokgathala, empa la sitwa le ho re: ‘Ha ho na thuso!’ Le nnile la fumana mekgwa ya ho imatlafatsa, kahoo ha le a ka la kgathala.


Ha ke na ho qosa kamehla yohle, kapa hona ho halefa kamehla, ho seng jwalo ba kapele ho nna ba ka tepella, e leng batho bao ke ba bopileng.


Jwalokaha mohlankana a nyala morwetsana, bara ba hao le bona ba tla o nyala; jwalokaha monyadi a thabela monyaduwa, Modimo wa hao le yena o tla o thabela.


Oho, Morena, se ke wa halefa, wa halefa ho feta tekanyo; se hopole dibe tsa rona, wa di hopola kamehla yohle. Ako hopole hore re tjhaba sa hao.


Ke tla nyakallela Jerusalema, tjhaba sa ka le sona ke se thabele. Ha ho sa tla utlwahala dillo Jerusalema, leha e le mehoo ya ba ditsietsing.


Eya, o yo phatlalatsa molaetsa ona ka leboya, o re: “Kgutla, wena Iseraele wa mokwenehi,” ho rialo Morena. “Ha nka ke ka hlola ke o sosobanyetsa sefahleho, hobane ke mohau,” ho rialo Morena. “Ha ke na ho o halefela kamehla yohle.


na o tla nkgalefela kamehla, disuwa tsa hao e be tsa mehla yohle?’ Dintho tsena tsohle o di buile, wa etsa bokgopo bohle ka boithatelo ba hao.”


Na ebe Efraime ke mora ka eo ke mo ratang? Na ebe ke yena ngwana ka ya nkgahlang? Leha ke ye ke mo nyatse, ke ntse ke mo hopola, pelo ya ka e mo hlolohelwa haholo, ke mo utlwela bohloko haholo,” ho rialo Morena.


Motho ha a sa tla hlola a ruta ya ahisaneng le yena, leha e le ngwanabo, a re: ‘Tseba Morena,’ hobane ba tla ntseba bohle, ho tloha ho ya eisehang ho isa ho ya hlomphehang,” ho rialo Morena. “Ke tla ba tshwarela makgopo a bona, ha ke sa tla hlola ke hopola dibe tsa bona.”


Ke tla thabiswa ke ho se etsetsa tse molemo. Ke tla se tsitsisa naheng ena ka pelo ya ka yohle le ka moya wa ka wohle.


Ke tla hlakola makgopo wohle a bona, ao ba ntshitetsweng ka wona, ke ba tshwarele dibe tsohle tseo ba di entseng, mme ba ntshitelwa ka tsona.


Ebede-Meleke a tswa ka tlung ya kgosi, a buisana le kgosi, a re:


Ka matsatsi ao, le ka nako eo,” ho rialo Morena, “bokgopo ba Baiseraele bo tla batlisiswa, empa ha bo ka ke ba ba ba fumaneha; le dibe tsa morabe wa Juda di tla batlisiswa, empa le tsona ha di ka ke tsa ba tsa fumaneha, hoba masalla ao ke tla a tshwarela.”


empa ya ithorisang a ithorise ka ho re, yena o a nkutlwisisa, o bile o a ntseba; ke nna Morena ya tsebang ho hauhela, ya sebetsang ka toka le ka ho loka lefatsheng, hobane tsena ke tsona tse nthabisang,” ho rialo Morena.


Na nna ke thabela lefu la ya kgopo, ho ena le hore a furalle ditsela tsa hae, mme a phele? ho rialo Morena Modimo.


Ere ho bona: ‘Ke a hlapanya, ho rialo Morena Modimo, ha ke thabele lefu la ya kgopo, empa ke thabela ha ya kgopo a kgutla ditseleng tsa hae a tle a phele. Kgutlang! Kgutlang ditseleng tsa lona tse kgopo! Ke ka baka lang, lona ba ntlo ya Iseraele le ratang ho shwa?’


Ha ho le se seng sa dibe tseo a ileng a di etsa pele se tla hlola se sa hopolwa. O entse ho lokileng, ho nepahetseng, mme ruri o tla phela.


Morena Modimo wa rona yena o mohau, o a tshwarela, leha rona re mo fetohetse.


Itokisetseng tseo le tla di bua, le kgutlele ho Morena, le re ho yena: “Ako re tshwarele bokgopo bohle ba rona, mme thapedi ya rona o e amohele. Bakeng sa ho nyehela ka mahlabelo a dipohwana, re tla o boka ka melomo ya rona.


Ho Iseraele ke tla ba jwaloka phoka, Iseraele o tla thunya sa mohaladitwe, a mele metso sa kedare ya Lebanone.


Mang le mang ya tla rapela Morena o tla pholoswa, hobane Thabeng ya Sione, motseng wa Jerusalema, pholoho e tla ba teng, jwalokaha Morena a boletse, bakeng sa masalla ao Morena a a bitsang.


Morena o bua tjena: “Baahi ba Edomo ba ntshitetswe ka makgetlo a se na palo, kahoo ha nka ke ka ba tshwarela. Ba manakisitse bana babo bona, ba ba manakisa ka sabole, ba ba manakisa ba se na mohau, ba pheella kgalefong ya bona, bohale ba bona ba tuka malakabe, ba tuka sa malakabe a sa time.


Morena a mpotsa, a re: “Amose, o bonang?” Ka araba, ka re: “Ke bona kgwele e lekanyang.” Morena a re: “Bona! Ke tlilo bea kgwele e lekanyang hara setjhaba sa ka sa Iseraele; ha nka ke ka hlola ke se hauhela.


A mpotsa, a re: “Amose, o bonang?” Ka mo araba, ka re: “Ke bona seroto se tshetseng ditholwana tse butswitseng.” Yaba Morena o re ho nna: “Nako ya ho fela ha setjhaba sa ka sa Iseraele e fihlile, mme ha nka ke ka hlola ke se hauhela.


Yaba o rapela Morena, o re: “Ke a o rapela, oho, Morena, na see hase seo ke ileng ka se bolela ke sa le haeso? Ke ka lebaka leo ke ileng ka itlhahanela ho balehela Tarashishe. Ke tsebile hore o Modimo ya mosa, ya nang le kutlwelobohloko; o dieha ho halefa, o tletse mohau, o dieha ho otla.


“Ruri ke tla le phutha kaofela, ke phuthe lona bohle ba ntlo ya Jakobo; ruri masalla a Baiseraele ke tla a phutha, ke a kgobokanye sa nku di kena sakeng, ke a phuthe sa mohlape o le makgulong, e be boiyane bo phetheselang ba batho.


Ba hlotsang ke tla ba etsa masalla, ba qhalantsweng ke ba etse tjhaba se matla. Morena o tla ba busa a le Thabeng ya Sione, a ba buse ho tloha mohla tsatsi leo, a ba buse kamehla le mehla.


Kahoo Morena o tla furalla Baiseraele, a ba furalle ho fihlela mosadi a beleha; ke moo Baiseraele ba tla kgutla, ho kgutle Baiseraele ba phonyohileng, ba kgutle, ba ikopanye le bana babo bona.


Morena, ka lere la hao alosa mohlape wa hao, alosa mohlape oo e leng lefa la hao, mohlape o dulang o le inotshi kahara moru, o dulang kahara makgulo a nonneng; o ke o fule Bashane le Gileade, o fule teng jwaloka mehleng ya boholoholo.


Morena Modimo wa hao, o na le wena, ke senatlahadi se tla o lwanela. O tla o thabela ka nyakallo, a o rate ka lerato la sebele, a howeletse, a o hlabele medidietsane, a e hlabe sa mohla tsatsi la mokete.”


“Ho ho phoso eo a e boneng ho Jakobo, ha ho bokgopo boo a bo boneng ho Iseraele. Morena Modimo wa hae, o na le yena, ba a mo thoholetsa, ba re ke kgosi ya bona.


Ho a lokela hore re keteke, re thabe, kahobane ngwana enwa weno o ne a shwele, empa o boetse o a phela; o ne a lahlehile, jwale o fumanwe.’ ”


le hore ka lebitso la hae, ditjhaba tsohle di phatlalletswe pako le tshwarelo ya dibe, ho qala Jerusalema.


Empa Modimo o mo arabile jwang? O re: “Ke ipoloketse banna ba kete tse supileng, ba sa kang ba kgumamela Baale.”


“Ha ho ya kang Modimo wa Jeshurune, ya kallang mahodimo ho tla le thusetsa, ya tlang ka tlotla ya hae a le hodima maru.


Ya hlokileng mohau o tla ahlolwa ho se mohau, empa ya bileng mohau ha a tshabe ho ahlolwa.


Yaba ba lahla medimo e meng, ba sebeletsa Morena. Morena a hauhela Baiseraele ka baka la bosoto ba bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos