Morena a iponahatsa ho Aborame, a re: “Naha ena ke tla e nea ditloholo tsa hao.” Yaba Aborame o hahela Morena ya iponahaditseng ho yena aletare.
Genese 26:3 - BIBELE Jaka naheng eo, mme ke tla ba le wena, ke o hlohonolofatse, hobane wena le ditloholo tsa hao ke tla le nea dinaha tsena tsohle. Ke tla tiisa kano eo ke neng ke e hlapanyetse ntatao Aborahama. Sesotho 1909/1961 (SO) Dula naheng ena, mme ke tla ba le wena, ke o hlohonolofatse, hobane dinaha tsena kaofela ke tla di nea wena le ditloholo tsa hao, ke tiise kano eo ke e anetseng Abrahama, ntatao. |
Morena a iponahatsa ho Aborame, a re: “Naha ena ke tla e nea ditloholo tsa hao.” Yaba Aborame o hahela Morena ya iponahaditseng ho yena aletare.
Ka lona tsatsi leo Modimo a etsa selekane le Aborame, a re: “Ditloholo tsa hao ke tla di nea naha ena, ho tloha nokaneng ya Egepeta ho isa Nokeng e Kgolo, e leng ya Euferatese;
Modimo a re: “Ruri, Sara mosadi wa hao, o tla o tswalla mora, mme o tla mo rea lebitso la Isaka. Ke tla etsa selekane sa rona le yena e le selekane sa mehla yohle, sa hae le sa ditloholo tsa hae.
Naha eo o jakileng ho yona, naha yohle ya Kanana, ke tla o nea yona le ditloholo tsa hao, e be leruo la mehla yohle, mme ke tla ba Modimo wa tsona.”
Ho tloha moo Aborahama a fallela naheng e ka nqa borwa, a aha dipakeng tsa Kadeshe le Shure, a jaka Gerare.
Kamora lefu la Aborahama, Modimo a hlohonolofatsa Isaka, mora wa hae. Isaka a aha Sedibeng sa Lakai-Roi.
Isaka a lema naheng eo, mme ka sona selemo seo a kotula halekgolo. Morena a mo hlohonolofatsa,
A ba le mehlape ya dinku le ya dikgomo, le bahlanka ba bangata, hoo Bafilesita ba ileng ba mo honohela.
Ka bona bosiu boo, Morena a iponahatsa ho yena, a re: “Ke nna Modimo wa ntatao Aborahama. Se tshabe letho hobane ke na le wena. Ke tla o hlohonolofatsa, ke ngatafatse ditloholo tsa hao, ka baka la Aborahama, mohlanka wa ka.”
A bona Morena a eme kahodimo ho yona, a ntse a re: “Ke nna Morena, Modimo wa ntatao Aborahama, le Modimo wa Isaka. Naha eo o robetseng ho yona ke tla o nea yona le ditloholo tsa hao.
Bona, ke na le wena, mme ke tla o sireletsa hohle moo o yang teng, ke be ke o kgutlisetse naheng ena. Ha nka ke ka o furalla, ho fihlela ke etsa seo ke se buileng ho wena.”
Yaba Morena o re ho Jakobo: “Kgutlela naheng ya bo-ntatao le ho bang ka wena, mme ke tla ba le wena.”
Naha eo ke e neileng Aborahama le Isaka, ke tla o nea yona, wena le ditloholo tsa hao.”
Morena a ba le Josefa, ya eba monna ya nang le katleho, a phela tlung ya monga hae wa Moegepeta.
Empa Morena a ba le Josefa, a mo hauhela, a etsa hore mookamedi wa tjhankana a mo rate.
Jwale Iseraele a re ho Josefa: “Bona, nna ke se ke tla shwa, empa Modimo o tla ba le lona, a le kgutlisetse naheng ya bo-ntata lona.
Yaba Josefa o re ho bana babo: “Ke se ke le lekgatheng la ho shwa, empa Modimo o tla le etela, a le nyolle naheng ena, a le isa naheng eo a neng a e hlapanyetse Aborahama, le Isaka, le Jakobo hore o tla ba nea yona.”
Ha a lebale selekane sa hae le ka mohla, tshepiso eo a e entseng, a e etsetsa meloko e sekete;
selekane seo a se entseng, a se etsa le Aborahama, le kano eo a e entseng, a e etsetsa Isaka,
O kgalemela motho ka ho mo otla, ka ho mo otlela melato ya hae, o fedisa seo a se ratang jwalokaha eka se jewa ke tshwele. Ruri motho ke lefeela.
Yaba Modimo o utlwa sello sa bona, mme Modimo a hopola selekane seo a neng a se etse le Aborahama, le Isaka, le Jakobo.
Modimo a re ho yena: “Ke tla ba le wena, mme sena ke sesupo sa hore ke o romile: ha o se o ntshitse setjhaba seo naheng ya Egepeta, o tla sebeletsa Modimo thabeng ena.”
Hape ke ile ka etsa selekane sa ka le bona, e leng sa ho ba nea naha ya Kanana; naha ya bojaki ba bona, eo ba neng ba jakile ho yona.
Ke tle le etsa setjhaba sa ka, mme ka tla ba Modimo wa lona; le tla tseba hore ke nna Morena Modimo wa lona, yena ya le imolotseng mejaro ya Baegepeta.
Ke tla le fihlisa naheng eo ke neng ke hlapanye hore ke tla e nea Aborahama, le Isaka, le Jakobo, mme ke tla e nea lona e be leruo la lona. Ke nna Morena.’ ”
Ha o tshela hara madiba ke tla ba le wena; ha o tshela dinoka ha di ka ke tsa o nka. Ha o tsamaya hara mollo ha o ka ke wa tjha, malakabe ha a ka ke a o tjhesa.
O se ke wa tshaba, hobane ke na le wena; ditloholo tsa hao ke tla di lata botjhabela, ke o bokelle o etswa bophirimela.
O tla bontsha Jakobo, o mmontshe botshepehi ba hao, Aborahama le yena o mo hauhele, jwalokaha o ila wa hlapanya, wa hlapanyetsa bo-ntata rona mehleng ya kgalekgale.
Modimo hase motho hoo a ka buang leshano, hase mora wa motho hoo a ka inyatsang. Na seo a se bolelang a ke ke a se etsa? Na seo a se buileng a ke ke a se phetha?
Bonang, ke le neile naha ena. Eyang, le inkele naha eo Morena a neng a e hlapanyetse bo-ntata lona; a e hlapanyetsa Aborahama, le Isaka, le Jakobo, hore o tla ba nea yona le ditloholo tsa bona.’ ”
Morena a re ho yena: “Ena ke naha eo ke ileng ke e hlapanyetsa Aborahama, le Isaka, le Jakobo, ka re: ‘Ke tla e nea ditloholo tsa lona.’ Ke o dumeletse hore o e bone ka mahlo feela, empa o ke ke wa tshelela ho yona.”
Tseo le ithutileng tsona, la di amohela, la di utlwa, la di bona ho nna, le di phethe, mme Modimo ya re fang kgotso o tla ba le lona.
Ka tumelo ya eba mojaki naheng eo a e tshepisitsweng. A phela ditenteng le Isaka le Jakobo, bao e bileng majalefa a tshepiso e le nngwe hammoho le yena.
Ke moo Modimo a tiisitseng ka kano, kaha a ne a rata ho bontsha kahohlehohle majalefa a ditshepiso hore morero wa hae ha o fetohe.