Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 26:12 - BIBELE

12 Isaka a lema naheng eo, mme ka sona selemo seo a kotula halekgolo. Morena a mo hlohonolofatsa,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Isaaka a lema naheng eo, a kotula ha lekgolo ka selemo seo; mme Jehova a mo fa lehlohonolo.

Ver Capítulo Copiar




Genese 26:12
18 Referencias Cruzadas  

Aborahama o ne a se a tsofetse, a atetswe ke ditshiu, mme Morena o ne a mo hlohonolofaditse dinthong tsohle.


Morena o hlohonolofaditse monga ka haholo, o mo entse hore e be morui. O mo file mehlape ya dinku le ya dikgomo, le silefera le kgauta, le bahlanka le makgabunyane, le dikamele le ditonki.


Kamora lefu la Aborahama, Modimo a hlohonolofatsa Isaka, mora wa hae. Isaka a aha Sedibeng sa Lakai-Roi.


O ke ke wa re etsa hampe, jwalokaha le rona re sa ka ra o etsa hampe. Ha ho letho leo re le entseng ho wena, haese botle feela, mme re bile re o ntshitse ka kgotso. Jwale o ya hlohonolofaditsweng ke Morena.”


Jaka naheng eo, mme ke tla ba le wena, ke o hlohonolofatse, hobane wena le ditloholo tsa hao ke tla le nea dinaha tsena tsohle. Ke tla tiisa kano eo ke neng ke e hlapanyetse ntatao Aborahama.


Pele ke fihla o ne o ena le dintho tse seng kae, empa jwale di eketsehile, ke mehlapehadi, mme Morena o o hlohonolofaditse ka tsohle, hohle moo ke neng ke eya teng. Jwale nna ke tla sebeletsa lelapa la ka neng?”


Yaba Morena o hlohonolofatsa dilemo tsa ho qetela tsa bophelo ba Jobo ho feta dilemo tsa pele. A ba le dikgutshwane tse dikete tse leshome le metso e mene, le dikamele tse dikete tse tsheletseng, le dipholo tse dikete tse pedi, le ditonki tse tshehadi tse sekete.


Ditjhaba di ke di o boke, wena Modimo, ditjhaba tsohle di o boke.


Lefatshe le ke le aparelwe ke koro, e ekethehe qhoweng tsa dithaba, tjhai e be jwaloka ya Lebanone; metseng ho tlale batho, ba be jwaloka jwang ba naha, jwang bo tlokomang.


Hlohonolo la Morena le entsha motho, ha ho maswabi ao le a tlisang.


Peo ya hao o e jale e sa le hoseng, ho fihlela mantsiboya matsoho a hao o se a phuthe, hobane ha o tsebe e tla atleha, kapa bobedi di tla mela hantle.


“Tjhai e tla ba kgolo, morara o behe haholo, mobu o atlehise dijalo, mahodimo a nese pula e ngata. Ke tla sitsa masalla a setjhaba sena ka dintho tsena tsohle.


Peo e jetsweng mobung o motle ke ya utlwang lentswe, mme a le utlwisise. Enwa ke yena ya behang tse lekgolo, kapa tse mashome a tsheletseng, kapa tse mashome a mararo.”


Empa peo e nngwe ya wela mobung o motle, mme ya beha: E nngwe tse lekgolo, e nngwe tse mashome a tsheletseng, e nngwe tse mashome a mararo.


Empa peo e nngwe ya wela mobung o motle, ya mela, ya hola, ya beha, e nngwe tse mashome a mararo, e nngwe tse mashome a tsheletseng, e nngwe tse lekgolo.”


Nna ke ile ka lema, Apolosi yena a nwesetsa, empa ke Modimo ya medisitseng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos