Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 26:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Isaaka a lema naheng eo, a kotula ha lekgolo ka selemo seo; mme Jehova a mo fa lehlohonolo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Isaka a lema naheng eo, mme ka sona selemo seo a kotula halekgolo. Morena a mo hlohonolofatsa,

Ver Capítulo Copiar




Genese 26:12
18 Referencias Cruzadas  

Abrahama o ne a tsofetse, a atetswe ke matsatsi, mme Jehova o ne a hlohonolofaditse Abrahama dinthong tsohle.


Jehova o hlohonolofaditse mong a ka haholo, ebile ke motho e moholo, mme o mo neile manku le makgomo, le silefera, le kgauta, le bahlanka ba batona le ba batshehadi, le dikamele le diesele.


Yare Abrahama ha a se a shwele, Modimo wa nna wa hlohonolofatsa Isaaka, mora hae; mme a aha sedibeng sa Lakai-roi.


sa ho re, o ke ke wa re etsa hampe, jwalokaha le rona re sa ka ra o ama, le jwalokaha re o etseditse molemo feela, ra ba ra o kgutlisa ka kgotso, mme ke mona o sa ntse o le mohlohonolofatsuwa wa Jehova.


Dula naheng ena, mme ke tla ba le wena, ke o hlohonolofatse, hobane dinaha tsena kaofela ke tla di nea wena le ditloholo tsa hao, ke tiise kano eo ke e anetseng Abrahama, ntatao.


Hobane o ne o na le ntho di se kae, ha ke eso ho tle, empa jwale, di atile haholo, mme Jehova o o file lehlohonolo haesale ke etla; mme jwale, ntlo ya ka yona ke tla e sebeletsa neneng?


Mme Jehova a hlohonolofatsa qetello ya Jobo ho fetisa qalo ya hae; a rua dinku tse dikete tse leshome le metso e mene, le dikamele tse dikete tse tsheletseng, le dipholo tse lekaneng dijoko tse sekete, le diesele tse sekete tse tshehadi.


Lefatshe le medisitse dijo tsa lona. Modimo, Modimo wa rona, o tla re hlohonolofatsa!


Nala ya mabele e tla ba teng lefatsheng hodima dithaba, diqwapi tsa wona di hwase jwaloka merokodi e dumang Lebanone; batho ba tla atleha metseng jwaloka dimela tsa naha.


Lehlohonolo la Jehova le entsha motho, hase mokgathala wa hae o mo ekeletsang leruo.


Jala peo ya hao e sa le hosasa, matsoho a hao o se ke o a a neela sebaka mantsiboya; hobane ha o tsebe hoba ho tla mela ntho efe, kapa ena, kapa eno, kapa ha ekaba di tla mela hantle tse pedi.


Hobane peo ya kgotso e tla ba teng; morara o tla beha ditholwana tsa wona, lefatshe le behe dijo tsa lona, lehodimo le nee phoka ya lona, mme ntho tseo tsohle ke tla di nea masala a setjhaba sena, hore e be lefa la sona.


Empa ya amohetseng peo mobung o motle, ke motho ya utlwang lentswe, ya le utlwisisang, mme o a beha; hlaku e nngwe e hlahisa tse lekgolo, e nngwe e hlahisa tse mashome a tsheletseng, e nngwe e hlahisa tse mashome a mararo.


Empa tse ding tsa wela mobung o motle, mme tsa beha dijo; hlaku e nngwe ya beha tse lekgolo, e nngwe ya beha tse mashome a tsheletseng, e nngwe ya beha tse mashome a mararo.


Tse ding tsa wela mobung o motle, tsa beha dijo, tsa mela, tsa hola; e nngwe ya beha tse mashome a mararo, e nngwe ya beha tse mashome a tsheletseng, e nngwe ya beha tse lekgolo.


Nna, ke hlomile, Apolose yena o noseditse, empa Modimo ke wona o medisitseng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos