Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaFilipi 4:9 - BIBELE

9 Tseo le ithutileng tsona, la di amohela, la di utlwa, la di bona ho nna, le di phethe, mme Modimo ya re fang kgotso o tla ba le lona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Tseo le ithutileng tsona la di amohela, la di utlwa, la di bona ho nna, etsang tsona; mme Modimo wa kgotso o tla ba le lona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

9 Tseo le ithutileng tsona, la di amohela, la di utlwa, la di bona ho nna, le di etse; mme Modimo wa kgotso o tla ba le lona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 Tseo le ithutileng tsona, la di amohela, la di utlwa, la di bona ho nna, le di etse; mme Modimo wa kgotso o tla ba le lona.

Ver Capítulo Copiar




BaFilipi 4:9
36 Referencias Cruzadas  

O se ke wa tshaba, hobane ke na le wena, o se tsielehe, hobane ke Modimo wa hao. Ke tla o matlafatsa, ke be ke o thuse, ke o tshehetse ka tsoho la ka le letona, ka tsoho le letona le etsang ho loka.


Le ka rala merero ya lona, empa e tla nyopa; le ka bua haholo, ho ke ke ha phethahala letho, hobane Modimo o na le rona.


“Bonang, morwetsana o tla emola, a tswale mora, mme mora eo o tla rewa lebitso la Emmanuele,” e leng ho re: Modimo o na le rona.


le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. Bonang, ke na le lona kamehla yohle ho isa bofelong ba lefatshe.”


“Hase mang kapa mang ya reng ho nna: ‘Morena, Morena,’ ya tla kena Mmusong wa mahodimo, empa ho tla kena ya etsang thato ya Ntate ya mahodimong.


“Le mpitsetsang ‘Morena, Morena,’ athe ha le etse tseo ke di bolelang?


Empa a ba araba, a re: “Bao e leng mme le bana beso, ke ba utlwang, ba phethang lentswe la Modimo.”


Ha le tseba tsena, le lehlohonolo ha le ka di etsa.


Lona le metswalle ya ka, ha le etsa seo ke le laelang sona.


Mmae a re ho basebeletsi: “Eng le eng eo a le bolellang yona, le e etse.”


empa tsoha, o kene motseng, mme teng o tla bolellwa seo o lokelang ho se etsa.”


Jwale Modimo ya re fang kgotso a ke a be le lona bohle. A ho be jwalo!


Modimo ya re fang kgotso o tla etsa hore le ripitle Satane kapelepele. Mohau wa Morena wa rona Jesu o ke o be le lona.


Ka baka leo, ebang le a ja, kapa le a nwa, kapa le etsa eng kapa eng, tsohle le di etsetse ho tlotlisa Modimo.


hobane Modimo ke Modimo wa kgotso, e seng wa moferefere. Jwaloka dikerekeng tsohle tsa badumedi,


Ka baka leo, ke le kgothaletsa hore le latele mohlala wa ka.


Jwale, bana beso, ke qetela ka ho re: Thabang, phethahalang, kgothalang, ebang le maikutlo a le mang, le phele ka kgotso, mme Modimo wa lerato, le wa kgotso, o tla ba le lona.


Moshe a bitsa Baiseraele bohle, mme a re ho bona: “Lona Baiseraele, mamelang melao le ditaelo tseo ke le bolellang tsona kajeno, e le hore le tle le ithute tsona, le hore le tle le hlokomele ho di phetha.


Bana beso, bohle le nketsise. Ke le beetse mohlala, kahoo inkeleng wona ho ba o latelang.


Kgotso ya Modimo, e fetang kutlwisiso yohle, e tla boloka dipelo tsa lona le mehopolo ya lona ho Kreste Jesu.


Lona le ile la fetoha baetsisi ba rona le ba Morena, mme hara matshwenyeho a mangata la amohela lentswe la hae ka thabo e tswang ho Moya o Halalelang.


Le lona, bana beso, le ile la tshwana le dikereke tsa Modimo tse Judea, tseo e leng tsa Kreste Jesu, hobane le lona le hlokofaditswe ke ba habo lona, jwalokaha le tsona di ile tsa hlokofatswa ke Bajuda.


E ka Modimo ya fanang ka kgotso, yena ka sebele a ka le halaletsa ka ho tlala, e le hore ka mokgwa o phethehileng le bolokehe moyeng, pelong le mmeleng, le tle le se ke la nyatseha mohla Morena wa rona Jesu Kreste a tlang.


Morena o re fa tshepo ya hore le ntse le etsa, mme le tla nne le etse seo re le laelang sona.


Morena a ke a be le moya wa hao. Mohau o ke o be le lona.


Le be baphethi ba lentswe leo, e seng bautlwi feela, ba ithetsang ka bobona.


Ka baka leo, bana beso, itekeng ka matla hore pitso le kgetho ya lona e tiye. Ka ho etsa jwalo, ha le ka ke la hlola le wela phosong.


Eng le eng eo re e kopang re tla e fuwa, hobane re boloka ditaelo tsa hae, mme re etsa se mo kgahlisang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos