Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 13:17 - BIBELE

17 Ema, o tsamaye le naha eo ka bonamo ba yona, hobane ke tla o nea yona.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Raoha, o itsamaele le lefatshe lena ka bolele ba lona le ka bophara ba lona, hobane ke tla o fa lona.

Ver Capítulo Copiar




Genese 13:17
8 Referencias Cruzadas  

Morena a iponahatsa ho Aborame, a re: “Naha ena ke tla e nea ditloholo tsa hao.” Yaba Aborame o hahela Morena ya iponahaditseng ho yena aletare.


Naha yohle eo o e bonang ke tla o nea yona le ditloholo tsa hao kamehla yohle.


Yaba o re ho yena: “Ke nna Morena ya o ntshitseng Ure e naheng ya Bakalatiya, ho tla o nea naha ena hore e be ya hao.”


Naha eo o jakileng ho yona, naha yohle ya Kanana, ke tla o nea yona le ditloholo tsa hao, e be leruo la mehla yohle, mme ke tla ba Modimo wa tsona.”


A bona Morena a eme kahodimo ho yona, a ntse a re: “Ke nna Morena, Modimo wa ntatao Aborahama, le Modimo wa Isaka. Naha eo o robetseng ho yona ke tla o nea yona le ditloholo tsa hao.


Yaba Josefa o re ho bana babo: “Ke se ke le lekgatheng la ho shwa, empa Modimo o tla le etela, a le nyolle naheng ena, a le isa naheng eo a neng a e hlapanyetse Aborahama, le Isaka, le Jakobo hore o tla ba nea yona.”


Morena a hauhela Baiseraele, a ba utlwela bohloko; a ba hlomohela ka lebaka la selekane sa hae le Aborahama, le Isaka, le Jakobo, mme a se ke a rata ho ba timetsa, leha e le ho ba furalla.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos