Eksoda 6:8 - BIBELE8 Ke tla le fihlisa naheng eo ke neng ke hlapanye hore ke tla e nea Aborahama, le Isaka, le Jakobo, mme ke tla e nea lona e be leruo la lona. Ke nna Morena.’ ” Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)8 Ke tla le isa naheng eo ke emisitseng letsoho la ka, ka re, ke tla e nea Abrahama le Isaaka le Jakobo; ke tla le nea yona, e be lefa la lona; ke nna Jehova. Ver Capítulo |
Hopola bahlanka ba hao, bo-Aborahama, le Isaka, le Iseraele, bao o neng o ba hlapanyetse ka lebitso la hao, wa re: ‘Ke tla ngatafatsa ditloholo tsa lona di be kaalo ka dinaledi tsa lehodimo; le naha ena yohle, eo ke buileng ka yona, ke tla e nea ditloholo tsa lona, mme e tla ba ya lona kamehla yohle.’ ”
Hoba ke ba fihlise naheng eo ke ikanneng hore ke tla ba nea yona, ba ile ba etsetsa mahlabelo a bona dibakeng tsohle tsa borapedi, le tlasa difate tsohle tse talana. Ba ile ba mphephetsa ka dinyehelo tsa bona hore ke ba halefele. Ba tjhesa mokubetso wa bona o monko o monate, ba etsa dinyehelo tsa bona tsa dino.