Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 6:9 - BIBELE

9 Moshe a bua tjena ho bana ba Iseraele, empa ha ba a ka ba mo mamela, ka baka la ho nyahama dipelo, le ka baka la bokgoba bo thata.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Moshe a bolela jwalo ho bana ba Iseraele, empa ha ba ka ba mamela Moshe ka baka la bohloko ba pelo le la bokgoba bo thata.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 6:9
9 Referencias Cruzadas  

“Na ebe ke ipelaetsa ho motho? ho hloka mamello ebe ha ke ho lokele?


Ba ba sulafaletsa bophelo ka ho ba sebedisa ka thata mosebetsing wa ho etsa ditene ka letsopa, le mesebetsing yohle ya masimong; le mesebetsing yohle ya bona, eo ba neng ba ba sebedisa yona ka thata.


Na ha re a ka ra o bolella pele re tloha Egepeta, ra re: ‘Re hlokomolohe, o re tlohelle re sebeletse Baegepeta’? Ho molemo ho rona ho sebeletsa Baegepeta, ho ena le hore re tlo shwela lehwatateng mona!”


Ha ho se ho fetile dilemo tse ngata, kgosi ya Egepeta ya eshwa. Bana ba Iseraele ba dumaduma ka baka la bokgoba ba bona, ba lla. Bokgobeng boo ba bona, sello sa bona sa nyolohela ho Modimo.


mme ba re ho bona: “Morena a ke a le bone, a le ahlole, hobane le entse hore re be batho ba kgopo mahlong a Faro, le mahlong a bahlanka ba hae, la ba nea sabole matsohong, hore ba re bolaye!”


Yaba Morena o bua ho Moshe, o re:


Ba kgopo ba kgumama kapela ba lokileng, baetsadibe bona kapela kgoro tsa ba lokileng.


Ya kulang o matlafatswa ke moya wa hae, moya o hlomohileng o ka phekolwa ke mang?


Ho tloha thabeng ya Hore ba tsamaya ka tsela e yang Lewatleng la Lehlaka, hore ba kekolohe naha ya Edomo. Setjhaba sa fellwa ke mamello tseleng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos