Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 26:14 - BIBELE

14 A ba le mehlape ya dinku le ya dikgomo, le bahlanka ba bangata, hoo Bafilesita ba ileng ba mo honohela.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 A rua mehlape ya manku, le mehlape ya makgomo, le bahlanka ba bangata, Bafilesta ba ba ba mo honohela.

Ver Capítulo Copiar




Genese 26:14
16 Referencias Cruzadas  

Ka baka la mosadi eo, Aborame a baballeha. A newa mehlape ya dinku le ya dikgomo, makgoba a banna le a basadi, ditonki tse tona le tse tshehadi, le dikamele.


Aborame o ne a ruile mehlape e mengata, le silefera, le kgauta.


Morena o hlohonolofaditse monga ka haholo, o mo entse hore e be morui. O mo file mehlape ya dinku le ya dikgomo, le silefera le kgauta, le bahlanka le makgabunyane, le dikamele le ditonki.


Aborahama a nea Isaka tsohle tseo a nang le tsona.


Ka mokgwa o jwalo Jakobo a rua ka ho fetisisa, mme a ba le mehlape e mengata, le makgabunyane, le bahlanka, le dikamele, le ditonki.


Bana babo ba mo honohela, empa ntatae yena a nna a nahana polelo eo.


O ne a ruile dikgutshwane tse dikete tse supileng, le dikamele tse dikete tse tharo, le dipholo tse sekete, le ditonki tse tshehadi tse makgolo a mahlano. O ne a ena le bahlanka ba bangata, kahoo e le morui ya fetang barui bohle ba Botjhabela.


Yaba Morena o hlohonolofatsa dilemo tsa ho qetela tsa bophelo ba Jobo ho feta dilemo tsa pele. A ba le dikgutshwane tse dikete tse leshome le metso e mene, le dikamele tse dikete tse tsheletseng, le dipholo tse dikete tse pedi, le ditonki tse tshehadi tse sekete.


Sethoto se bolawa ke ho komakoma ha sona, sehlohwane sona se bolawa ke mona.


Ya kgopo ha a bona hoo, o a tlallana, o tsikitlanya meno, o a monyela; takatso ya ya kgopo e tla fela.


Menono le maruo di ka tlung ya hae, ho loka ha hae ho hlola kamehla yohle.


Hlohonolo la Morena le entsha motho, ha ho maswabi ao le a tlisang.


Kgalefo e sehloho, bohale bo a tlokoma, empa mona o ka engwa ke mang kapele?


Ka hlokomela hore boikitlaetso bohle le katleho yohle, di tswalwa ke ho honohelana ha batho. Hona le hona ke lefeela le tshwanang le ho lelekisa moya feela.


Saule a honohela Davida ke hona, haesale ho tloha mohlang oo, ho ya ho ile.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos