Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 2:24 - BIBELE

24 Yaba Modimo o utlwa sello sa bona, mme Modimo a hopola selekane seo a neng a se etse le Aborahama, le Isaka, le Jakobo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Modimo wa utlwa ho dumaela ha bona, mme Modimo wa hopola selekane sa wona le boAbrahama le Isaaka le Jakobo.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 2:24
33 Referencias Cruzadas  

Yaba Morena o re ho Aborame: “Tseba hore ditloholo tsa hao e tla ba bajaki naheng ya baditjhaba; di tla etswa makgoba teng, mme di tla hatellwa ka dilemo tse makgolo a mane.


Hape lengeloi la Morena la re ho yena: “Bona, o moimana, mme o tla tswala mora. O tla mo rea lebitso la Ishemaele, hobane Morena o utlwile matshwenyeho a hao.


Ke tla tiisa selekane sa ka le wena, le ditloholo tsa hao, ka ho hlahlamana ha meloko ya tsona, e be selekane se sa feleng; ke be Modimo wa hao le wa ditloholo tsa hao.


ha e le moo Aborahama e tla ba setjhaba se seholo, se matla, mme le ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla hlohonolofatswa ka yena?


mme la re: “Morena o re: ‘Ke ikanne ka bonna, hore kaha o entse ntho ena, o sa ka wa nkganela ka mora wa hao ya mong feela,


Morena a iponahatsa ho yena, a re: “O se ke wa theohela Egepeta; o mpe o yo aha naheng eo ke tla o laela yona.


Ka bona bosiu boo, Morena a iponahatsa ho yena, a re: “Ke nna Modimo wa ntatao Aborahama. Se tshabe letho hobane ke na le wena. Ke tla o hlohonolofatsa, ke ngatafatse ditloholo tsa hao, ka baka la Aborahama, mohlanka wa ka.”


Jaka naheng eo, mme ke tla ba le wena, ke o hlohonolofatse, hobane wena le ditloholo tsa hao ke tla le nea dinaha tsena tsohle. Ke tla tiisa kano eo ke neng ke e hlapanyetse ntatao Aborahama.


Yaba monna eo o re: “Ha o sa tla hlola o bitswa Jakobo, empa o tla bitswa Iseraele, hobane o lwanne le Modimo le batho, mme o hlotse.”


Modimo a re ho yena: “Ke nna Modimo ya matla wohle: Ata, o ngatafale; ho wena ho tla tswa setjhaba, sehlopha sa ditjhabatjhaba, mme o tla tswala dikgosi.


Naha eo ke e neileng Aborahama le Isaka, ke tla o nea yona, wena le ditloholo tsa hao.”


Modimo a hopola Nowe, le diphoofolo tsohle tse hlaha, le makgomo wohle a neng a ena le yena ka arekeng. Jwale Modimo a fokisa moya hodima lefatshe, mme metsi a bohlela.


Morena a hauhela Baiseraele, a ba utlwela bohloko; a ba hlomohela ka lebaka la selekane sa hae le Aborahama, le Isaka, le Jakobo, mme a se ke a rata ho ba timetsa, leha e le ho ba furalla.


Morena, ako utlwe thapelo ya ka; sello sa ka se ke se fihle ho wena.


Morena o shebile fatshe a le sehalalelong sa hae se hodimo; o tadimile lefatshe a le mahodimong.


Ke hobane o ne a hopotse tshepiso, tshepiso ya hae e halalelang, ho Aborahama, mohlanka wa hae.


A hopola selekane sa hae le bona, a ba hauhela ka baka la rato la hae le leholo.


Ha ke ne ke ipiletsa ho wena o ile wa nkaraba, wa matlafatsa moya wa ka.


“Lona ba hlomphang Morena, mo roriseng; lona ditloholo tsohle tsa Jakobo, mo tlotliseng; lona ditloholo tsohle tsa Israele, mo tshabeng.


Bo-ntata rona ba nnile ba o tshepa; ba o tshepa, mme wa ba namolela.


Mefehelo ya batshwaruwa e ke e finyelle ho wena, ka matla a letsoho la hao ako pholose ba ahloletsweng lefu.


Hape ke bile ke utlwile le sello sa bana ba Iseraele, bao Baegepeta ba ba entseng makgoba a bona, mme ke hopotse selekane sa ka.


Re ile ra ipiletsa ho Morena. Morena o ile a re utlwa, mme a romela lengeloi, a re ntsha Egepeta. “ ‘Jwale re mona Kadeshe, e leng motseng o meeding ya naha ya hao.


Ruri ke bone tshotleho ya setjhaba sa ka se Egepeta, ke utlwile ho dumaela ha sona, mme ke theohetse lefatsheng ke hona ho tla se lopolla; jwale tloo, ke tla o roma Egepeta.’


E ne e ye ere ha Morena a ba hlahisetsa moahlodi, Morena o ne a ye a be le moahlodi eo, a ba pholose matsohong a dira tsa bona, ka matsatsi wohle a ho phela ha moahlodi eo. Morena o ne a ba utlwela bohloko ka baka la ho dumaela ha bona ho bakwang ke ba ba hateletseng, ba ba robokelang.


“Hosasane, ka nako yona ena, ke tla romela monna ya tswang naheng ya Benjamine ho wena. O tla mo tlotsa hore e be kgosi ya setjhaba sa ka, mme o tla namolela setjhaba sa ka matsohong a Bafilesita. Ke bone ho sotleha ha setjhaba sa ka, hobane sello sa sona se fihlile ho nna.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos