Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 2:25 - BIBELE

25 Modimo a bona bana ba Iseraele, mme a ba utlwela bohloko.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Modimo wa tadima bana ba Iseraele, mme wa ba hlokomela.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 2:25
16 Referencias Cruzadas  

Mohlomong Morena o tla bona matshwenyeho a ka, mme ka letsatsi lena a mputse ka botle bakeng sa mahlapa ana a Shimei.”


O tla binela batho, ebe o re ho bona: ‘Ke entse sebe, ka kgopamisa ho loka, empa sebe seo sa ka ha ke a se otlelwa.


hobane Morena o tseba tsela ya ba lokileng, athe tsela ya ba kgopo e isa timelong.


Athe wena o bona bomadimabe le mahlomola; o a di lemoha, mme o a di laola. Ya tsielehileng o tshepile wena, ke wena mothusi wa dikgutsana.


Ke tla nyakalla, ke thabele mohau wa hao, hobane o bone ho hlopheha ha ka, wa lemoha matshwenyeho a ka;


Leleme la hae le ne le le monate, empa bora bo ne bo le teng, bo le teng ka pelong ya hae. Mantswe a hae a ne a thoba hamonate, empa e ne e le disabole tse hlabang.


Kgosi e ntjha, e neng e sa ka ya tseba Josefa, ya busa Egepeta.


Moshe a phetela mohwe wa hae tsohle tseo Modimo a di entseng ho Faro le ho Baegepeta ka lebaka la Baiseraele; le ditsietsi tsohle tseo ba di fumaneng tseleng, le kamoo Modimo a ba lopolotseng kateng.


Bona, sello sa bana ba Iseraele se fihlile ho nna; le nna ke bone kgatello ya bona, eo Baegepeta ba ba hateletseng ka yona.


Setjhaba sa kgolwa, mme ha se utlwa hore Morena o ne a etetse bana ba Iseraele, le hore o bone matshwenyeho a sona, sa inamisa dihlooho, sa rapela.


Mohlang oo ke tla ba bolella pepenene, ke re: ‘Ha ke a ka ka le tseba; tlohang ho nna, lona ba etsang bokgopo!’ ”


“Morena o entse jwalo ho nna mohla a kgahlilweng ho tlosa sekgobo sa ka hara batho.”


Ruri ke bone tshotleho ya setjhaba sa ka se Egepeta, ke utlwile ho dumaela ha sona, mme ke theohetse lefatsheng ke hona ho tla se lopolla; jwale tloo, ke tla o roma Egepeta.’


Yaba re llela Morena Modimo wa bo-ntata rona, mme Morena a utlwa sello sa rona, a bona matshwenyeho a rona, le mosebetsi wa rona o boima, le kgatello ya rona.


A etsa kano, a re: “Oho, Morena wa mabotho, haeba ruri o ka tadima matshwenyeho a lekgabunyane la hao, mme wa nkgopola, wa se ke wa lebala lekgabunyane la hao, wa mpa wa le fa ngwana wa moshanyana, ke tla mo abela Morena ka matsatsi wohle a ho phela ha hae, mme hlooho ya hae e ke ke ya beolwa.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos