La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Daniele 8:3 - BIBELE

Ha ke lelatsa mahlo a ka, ke tadima, ka bona pheleu e eme lebopong la noka. Pheleu ena e ne e metse manaka a mabedi, a malelele. Empa le leng, le neng le ile la mela morao ho le leng, le ne le feta le leng ka bolelele.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Ka emisa mahlo, ka tadima, mme bonang, pheleu e ne e eme pela noka, e nang le dinaka tse pedi, dinaka tseo di ne di le telele, le leng le ne le fetisa le leng ka bolelele; le fetang le leng ke le neng le hodile morao.

Ver Capítulo



Daniele 8:3
25 Referencias Cruzadas  

Ha Davida a re mahlo tloha! a bona lengeloi la Morena le eme sepakapakeng, le tshwere sabole, le e kokoseditse hodima Jerusalema. Bo-Davida le baholo ba setjhaba, ba neng ba apere diaparo tse mahwashe, ba obamela fatshe ka difahleho.


“Siruse, kgosi ya Peresiya, o bua tjena: ‘Morena Modimo wa mahodimo, o nneile mebuso yohle ya lefatshe, mme o ntaetse hore ke mo hahele Tempele Jerusalema, naheng ya Juda.


Setjhaba seo sa ntshetsa baeletsi ba kgosi tjotjo, hore ba sitise morero wa Bajuda. Hona sa ho etsa ka nako yohle ya puso ya Siruse, kgosi ya Peresiya, ho fihlela mehleng ya puso ya Dariuse, kgosi ya Peresiya.


Ka selemo sa boraro sa puso ya hae, a etsetsa mahosana wohle a hae le bahlanka ba hae, mokete. Balaodi ba mabotho a Peresiya le Media, le mahosi le mahosana, le bona ba ne ba le teng.


Ke tla hlohleletsa Bamede ba ba tsohele matla, Bamede ba sa tsotelleng bohlokwa ba silefera, bona bao kgauta e ke keng ya ba hohela.


Ke bontshitswe pono e tshosang: Moeki o a eka, motimetsi o a timetsa. Futuha wena Elame! Thibella wena Media! Matshabeho wohle ke tla a fedisa!


Ke nna ya reng ho Siruse: ‘O modisana wa ka, o tla phetha tsohle tseo ke di ratang; o tla re thako tsa Jerusalema di tsoswe, o re metheo ya Tempele e ralwe.’ ”


“Tjhorisang metsu, le nke dithebe tsa lona, Morena o phepheditse kgosi tsa Bamede di halefile, sepheo sa hae ke ho timetsa Babilona. Bona ke bona boiphetetso, boiphetetso ba Morena, ke ho phetetsa le Tempele ya hae.


Yaba ke lelatsa mahlo a ka, ke a sheba, mme ka bona monna e mong ya apereng seaparo se entsweng ka lene, thekeng a itlamme ka senyepa sa kgauta e tswang Ufase.


“Mmuso wa hao o tla hlahlangwa ke mmuso o mong, o fokolang ho feta ona wa hao, ho nto tla wa boraro, e leng wa lethose, o tla busa lefatshe lohle.


mme Dariuse wa Momede ya eba kgosi, a le dilemo tse mashome a tsheletseng a metso e mmedi.


Daniele a atleha haholo pusong ya Dariuse le ya Siruse wa Peresiya.


“Ka bona sebatana sa bobedi, se tshwanang le bere, se eme ka maoto a morao. Se ne se lomme mahopo a mararo ka meno a sona. Yaba ho thwe ho sona: ‘Ema, o harele nama e ngata!’


Ponong ena ka iphumana ke le Shushane, ka tlung ya bokgosi, naheng ya Elame. Ke ne ke eme lebopong la noka ya Ulai.


“Pheleu e naka di pedi, eo o e boneng, e emetse dikgosi tsa Media le Peresiya.


Ka boela ka tadima, mme ka bona dinaka tse nne!


Ka boele ka tadima, mme ka bona motho ya tshwereng kgwele e methang!


Ka tadima hape, mme ka bona buka e fofang sebakeng!


Yaba lengeloi le neng le bua le nna le a atamela, le re: “Tadima hodimo, o bone sena se tlang.”


Ha ke tadima hodimo ka bona basadi ba babedi ba etla ba fofa, mapheo a bona a kang a mokotatsle a kgile moya. Basadi bana ba phahamisetsa morifi ona hodimo.


Ka tadima hodimo hape, mme ka bona dikariki tse nne tsa ntwa di etswa pakeng tsa dithaba tse pedi tsa lethose!


Ha a phahamisa mahlo, a bona Baiseraele ba hlomile ho ya ka meloko ya bona. Moya wa Modimo wa mo fihlela,


Yare ha Joshua a le Jeriko a phahamisa mahlo, a tadima, mme a bona monna ya emeng kapele ho yena, a tshwere sabole. Joshua a ya ho yena, mme a re ho yena: “O wa habo rona, kapa o wa direng?”


Jwale ka bona sebatana se seng se nyoloha lefatsheng. Se ne se ena le dinaka tse pedi tse kang tsa konyana, empa se ne se bua jwaloka kganyapa.


Jwale ka bona Konyana e emeng bohareng ba terone, e teetswe hare ke dibopuwa tse nne tse phelang, le ke baholo. Konyana e ne e bonahala eka e hlabilwe. E ne e ena le dinaka tse supileng le mahlo a supileng, e leng meya e supileng ya Modimo, e rometsweng lefatsheng lohle.