Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Daniele 2:39 - BIBELE

39 “Mmuso wa hao o tla hlahlangwa ke mmuso o mong, o fokolang ho feta ona wa hao, ho nto tla wa boraro, e leng wa lethose, o tla busa lefatshe lohle.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

39 Kamora hao, ho tla hlaha mmuso o mong, o monyenyane ho wa hao, ho ntoo ba mmuso o mong wa boraro wa koporo, o tlang ho busa lefatshe lohle.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 2:39
14 Referencias Cruzadas  

Ke nna ya reng ho Siruse: ‘O modisana wa ka, o tla phetha tsohle tseo ke di ratang; o tla re thako tsa Jerusalema di tsoswe, o re metheo ya Tempele e ralwe.’ ”


Yaba motho eo o re: “Na o tseba lebaka le ntlisitseng ho wena moo? Jwale ke tla ya lwantsha lengeloi le sireletsang Peresiya. Hoba ke tsamaye, kgosana ya Bagerike e tla tla.


Hlooho ya setshwantsho sena e ne e le ya kgauta e hlwekisitsweng, sefuba sa sona le matsoho a sona e le tsa silefera, mpa le dirope tsa sona e le tsa lethose.


O o neile matla a ho busa batho bohle moo ba phelang teng, le dibatana tsa naha, le dinonyana tse fofang; o o entse mmusi wa tsena kaofela. Hlooho ena ya kgauta ke wena.


Mmuso wa bone o tla ba matla jwaloka tshepe. Kaha tshepe e thuakanya, e silakanye dintho tsohle, le wona o tla thuakanya, o silakanye jwalokaha tshepe e thuakanya dintho tsohle.


“Monna eo a re: ‘Sebatana sa bone e tla ba mmuso wa bona lefatsheng, o sa tlo tshwana le mebuso e meng yohle. O tla timetsa lefatshe lohle, o le hatakele, o le robokele.


“Pheleu e naka di pedi, eo o e boneng, e emetse dikgosi tsa Media le Peresiya.


Phooko e makgisa ke kgosi ya Gerike, mme lenaka le mophekapheka, le phatleng ya yona, ke kgosi ya pele.


ya boraro e hulwa ke tse tshweu, ya bone yona e hulwa ke tse kwebu.


Kariki e hulwang ke dipere tse ntsho e leba nqa leboya; e hulwang ke tse tshweu e leba nqa bophirimela; athe e hulwang ke tse kwebu yona e leba nqa borwa.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos