Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sakaria 5:5 - BIBELE

5 Yaba lengeloi le neng le bua le nna le a atamela, le re: “Tadima hodimo, o bone sena se tlang.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Lengeloi le neng le bua le nna, la boela la hlaha, la re ho nna: Emisa he mahlo a hao, mme o bone se hlahang mane hore na keng.

Ver Capítulo Copiar




Sakaria 5:5
6 Referencias Cruzadas  

Morena a re ho nna: “Wena ngwana motho, phahamisa mahlo a hao, o tadime nqa leboya.” Yaba ke phahamisa mahlo a ka, ke tadima nqa leboya, mme monyakong o kenang ka kgoro e ka leboya ka bona modingwana ona o bakang lefufa o eme teng.


Lengeloi le neng le ntse le bua le nna la re: “Howeletsa, o re: Morena wa mabotho o bua tjena: ‘Ke boulela Jerusalema le Sione haholo,


Ka botsa lengeloi le neng le bua le nna, ka re: “Dintho tsee ke ding?” Lengeloi la nkaraba, la re: “Tsena ke dinaka tse qhalantseng Juda le Iseraele le Jerusalema.”


Ka botsa motho eo, ka re: “Monghadi, dintho tsee ke dintho ding?” Lengeloi le neng le bua le nna la araba, la re: “Ke tla o bontsha hore na ke dintho ding.”


Ka bona lengeloi le neng le bua le nna le atamela, mme lengeloi le leng la atamela ho tla le kgahlanyetsa.


Lengeloi leo la araba, la re: “Ha o tsebe hore na dintho tsee ke dintho ding?” Ka araba, ka re: “Tjhe, monghadi.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos