Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sakaria 5:4 - BIBELE

4 Morena wa mabotho o bua tjena: ‘Thohako ena ke tla e romella. E tla kena ka tlung ya leshodu, e kene le ka tlung ya ya hlapanyang ka leshano ka lebitso la ka. E tla kena ka tlung ya hae, e funtsolle marulelo a yona, e heletse le marako a yona.’ ”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ke e ntshitse, ho bolela Jehova wa makgotla, mme e tla kena tlung ya leshodu, le tlung ya ya hlapanyang ka lebitso la ka ka bohata; e tla dula kahara ntlo ya hae, e tle e e fedise, le difate tsa yona, le majwe a yona.

Ver Capítulo Copiar




Sakaria 5:4
19 Referencias Cruzadas  

lapeng la hae ho tla nonotswa ka sebabole, basele ba tle ba phele ka ho lona.


Fifi la bo-nka-ntjana le mo laletse, o tla timetswa ke mollo o se na sebutswelo, ba setseng lapeng la hae ba tamukane.


o itshetleha ka bona, bo hana ho tsitsa, o itshwarella ka bona, ha bo tshwarehe.


Ba o hloileng ba tla apeswa dihlong, malapa a ba kgopo a nyamelle ruri.”


Morena o rohaka malapa a ba kgopo; o hlohonolofatsa a ba lokileng.


Kahoo thohako e aparetse lefatshe, baahi ba lona ba jere molato wa bona, ba tjheswa ke lebatama, ho sale ba mmalwana.


“Jwalokaha leshodu le hlajwa ke dihlong, le hlajwa ke dihlong ha le tshwerwe, Baiseraele le bona ba hlajwe ke dihlong jwalo, bona le dikgosi le mahosana a bona, le baprista le baporofeta ba bona.


Ke mahlapa, ke leshano, ke dipolao, ke boshodu, ke ho etsa bohlola! Melao yohleyohle ba a e tlola, madi a tsholoha a sa tswa tsholoha!


Kahoo naha e tla apara bofifi, bohle ba phelang ho yona ba tla timela, ho timele dibatana tsa naha, ho timele nonyana tse fofang, tlhapi tsa lewatle le tsona di timele!


“Ba bokellang qhoqha, ba bokelle kgapo, ba e bokelle ka matlung a dikwele tsa bona, ha ba tsebe ho etsa ho nepahetseng,” ho rialo Morena.


Yaba le re ho nna: “Bukeng ena ho ngotswe thohako e tla aparela naha kaofela. Ka lehlakoreng le leng thohako ena e bolela hore leshodu le leng le le leng le tla timetswa, ka ho le leng e bolela hore mang le mang ya hlapanyang ka leshano le yena o tla timetswa.


Le se ke la rerelana bora, le se ke la hlapanya ka leshano. Tsena tsohle ke di hloile,” ho rialo Morena.


“Ke tla fihla hara lona ke le ahlole. Ha ke na ho qeaqea ho qosa dinohe, le bafebi, le ba hlapanyang ka leshano, le ba jang basebetsi moputso wa bona, le ba hatellang bahlolohadi le dikgutsana, le ba hlokelang baditjhaba toka, le bohle ba sa ntlhompheng,” ho rialo Morena wa mabotho.


“O tla rohakeha motseng, o rohakehe le masimong!


Le se ke la tlisa medimo ya bohata ka matlung a lona, esere la timela jwaloka yona. Le e hloye ho hang, le e nyonye ho hang, hobane ke ntho e tla timetswa.”


Re tla ba etsa tjena: Re tla ba tlohela ba phele, esere ra itlisetsa kgalefo, ka baka la kano eo re neng re ba hlapanyetse yona.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos