Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sakaria 5:6 - BIBELE

6 Ka le botsa, ka re: “Ke eng?” La nkaraba, la re: “Ke morifi.” La boela la re: “O tshwantsha bokgopo ba batho ba naha yohle.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ka re: Keng? Yaba le re: Ke efa e hlahang. La boela la re: Ke sona setshwantsho sa ba bolotsana ba lefatsheng lohle.

Ver Capítulo Copiar




Sakaria 5:6
8 Referencias Cruzadas  

O be le sekala se nepahetseng sa ho metha boima, le bolelele, le ntho e mokedikedi. Ke nna Morena Modimo wa lona, ya le ntshitseng naheng ya Egepeta.


Lona ba hatakelang bahloki, utlwang mona! Lona ba timetsang mafutsana, mafutsana a naha ena.


Le ntse le re: “Kgwedi e ntjha e tla ya neneng fifing, re tswe re rekisa mabele a rona? Tsatsi la Sabatha le tla feta neneng, re tswe re bapatsa ka koro ya rona? Re ntse re fokotsa tekanyo re nyolla theko, re qhekella bareki ka dikala tsa rona tse sa nepahalang?


Re reka mafutsana ka silefera, re ananya mohloki ka meqathatso, re rekisa koro le ditlhoka tsa yona?”


Na nka iphapanyetsa matlotlo a bolotsana, le dikala tse qhekanyetsang, tse rohakehileng?


Mohla tsatsi leo ke tla otla, ke otle ba sa hateng kosene ya monyako, ke otle ba tlatsang ntlo ya mong bona, ba e tlatse ka tse hapilweng ka dikgoka, ba e tlatse ka tse hapilweng ka bolotsana.


Yaba ke bona sekwahelo sa loto, sa morifi oo, se kwahollwa, mme kahara morifi oo ho dutse mosadi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos