Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sakaria 5:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ka re: Keng? Yaba le re: Ke efa e hlahang. La boela la re: Ke sona setshwantsho sa ba bolotsana ba lefatsheng lohle.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Ka le botsa, ka re: “Ke eng?” La nkaraba, la re: “Ke morifi.” La boela la re: “O tshwantsha bokgopo ba batho ba naha yohle.”

Ver Capítulo Copiar




Sakaria 5:6
8 Referencias Cruzadas  

Le be le sekala se lokileng, le boima bo lokileng, le efa e lokileng, le hine e lokileng. Ke nna Jehova, Modimo wa lona, ya le ntshitseng naheng ya Egepeta.


Utlwang taba ena, lona le pheheletseng ho metsa mofutsana le ho timetsa bafumanehi lefatsheng; lona le reng:


Tsatsi la kgwedi e thwasang le tla feta neng, re tle re rekise ka koro? Le Sabatha e tla feta neng, re tle re bule menyako ya mediko ya koro, re tswe re fokotsa tekanyo, re hodisa theko, re fosisa dikala ka ho thetsa?


Ke moo re tla reka bafumanehi ka tjhelete, le mafutsana ka seeta, re rekise le ka ditlhoka tsa koro.


Na matlotlo a bokgopo a sa le teng tlung ya ya sa lokang, le tekanyo e fokotsehileng, e rohakilweng na?


hape, tsatsing leo, ke tla kgalemela bohle ba tlolang sefate se monyako, ba tlatsang ntlo ya morena wa bona ka tse hapilweng ka bohoroso le ka thetso.


Mme bonang, ha emiswa lekapa la loto le e kwalang, mme ha hlaha mosadi ya dutseng kahara efa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos