Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 13:11 - BIBELE

11 Jwale ka bona sebatana se seng se nyoloha lefatsheng. Se ne se ena le dinaka tse pedi tse kang tsa konyana, empa se ne se bua jwaloka kganyapa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ka ba ka bona sebata se seng se nyolohelang lefatsheng, se nang le dinaka tse pedi tse jwaloka tsa konyana, se mpa se bua jwaloka drakone.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

11 Ka bona sebata se seng se nyolohang lefatsheng; mme se ne se na le dinaka tse pedi tse tshwanang le tsa konyana, mme se bua jwaloka drakone.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Ka bona sebata se seng se nyolohang lefatsheng; mme se ne se na le dinaka tse pedi tse tshwanang le tsa konyana, mme se bua jwaloka drakone.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 13:11
17 Referencias Cruzadas  

“Ha ke ntse ke tadimile manaka ana, ka bona lenakana le leng le runya pakeng tsa a mang, mme le runyola a mararo a pele. Lenakana lena le ne le ena le mahlo a kang a motho, le molomo o buang ka boikakaso.”


Ha ke lelatsa mahlo a ka, ke tadima, ka bona pheleu e eme lebopong la noka. Pheleu ena e ne e metse manaka a mabedi, a malelele. Empa le leng, le neng le ile la mela morao ho le leng, le ne le feta le leng ka bolelele.


“Hlokomelang baporofeta ba bohata, ba tlang ho lona ba ikgakantse eka ke dinku, empa kahare e le diphiri tse harolakang.


hobane ba jwalo ha ba sebeletse Morena wa rona Kreste, empa ba sebeletsa dimpa tsa bona. Ka dipuo tse monate, tse qekang, ba thetsa dipelo tsa ba se nang bobe.


Yena o tla lwantsha, a iphahamisetse tsohle tse bitswang Modimo, tse kgumamelwang ke batho, hoo yena a tlang ho itulela ka Tempeleng ya Modimo, a iketse Modimo.


Etlare hoba di qete ho paka, sebatana se tswang mohohlong o se nang pheletso se tla di lwantsha, se di hlole, se di bolaye.


Kganyapa ya halefela mosadi, mme ya lwantsha ditloholo tsohle tsa hae, e leng ba bolokang ditaelo tsa Modimo, ba nang le bopaki ba Jesu.


Jwale ka bona ho nyoloha lewatleng sebatana se nang le dihlooho tse supileng, le dinaka tse leshome, le mefapahlooho e leshome dinakeng tsa sona; dihloohong tsa sona ho ngotswe mabitso a nyefolang.


Sa etsa hore ho se be le ya mong ya ka rekang, kapa ya ka rekisang, a se na letshwao la sebatana, kapa palo e emetseng lebitso la sona.


Bohle ba kgumamela kganyapa, hobane e ne e neile sebatana matla a yona. Ba kgumamela le sona sebatana, ba re: “Ke mang ya tshwanang le sebatana? Ke mang ya ka se lwantshang?”


Ka molomong wa kganyapa, le ka molomong wa sebatana, le ka molomong wa moporofeta wa bohata, ka bona ho etswa meya e meraro, e ditshila, e kang dihohwana.


Ka bona mosadi eo a tahilwe ke madi a bahalaledi le ke madi a dipaki tsa Jesu. Eitse ha ke mmona, ka hlollwa haholo.


Sebatana seo o se boneng se ne se le teng, empa ha se sa le yo; feela se sa tla nyoloha mohohlong o se nang pheletso, ebe se ya timelong. Baahi ba lefatshe, bao mabitso a bona a sa kang a ngolwa bukeng ya bophelo ho tloha ha lefatshe le thewa, ba tla hlollwa ha ba bona sebatana, hobane se ne se le teng, feela ha se sa le yo, empa se tla kgutla.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos