Tshenolo 13:12 - BIBELE12 Sa sebedisa matla kaofela a sebatana sa pele, pontsheng ya sona. Sa etsa hore lefatshe le baahi ba lona ba kgumamele sebatana sa pele, seo leqeba la sona le ka bolayang le neng le se le fodile. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)12 Sa etsa ka matla wohle a sebata sa pele pontsheng ya sona, mme sa etsa hore lefatshe, le ba ahileng ho lona, ba rapele sebata sa pele, seo leqeba la sona le bolayang le neng le fodile. Ver CapítuloBaasraak Sotho NT12 Se sebelisa matla ’ohle a sebata sa pele ka pel’a sona, ’me sa etsa hore lefatše le ba ahileng ho lona ba rapele sebata sa pele, seo leqeba la sona le bolaeang le ileng la fola. Ver CapítuloContemporary Southern Sotho Bible 202412 Se sebelisa matla ’ohle a sebata sa pele ka pel’a sona, ’me sa etsa hore lefatše le ba ahileng ho lona ba rapele sebata sa pele, seo leqeba la sona le bolaeang le ileng la fola. Ver Capítulo |
Sebatana seo o se boneng se ne se le teng, empa ha se sa le yo; feela se sa tla nyoloha mohohlong o se nang pheletso, ebe se ya timelong. Baahi ba lefatshe, bao mabitso a bona a sa kang a ngolwa bukeng ya bophelo ho tloha ha lefatshe le thewa, ba tla hlollwa ha ba bona sebatana, hobane se ne se le teng, feela ha se sa le yo, empa se tla kgutla.
Yaba ke bona diterone le ba dutseng hodima tsona, ba neilweng matla a ho ahlola. Ka bona le ba kgaotsweng dihlooho ka baka la bopaki ba Jesu, le ka baka la Lentswe la Modimo, le ba sa kang ba kgumamela sebatana le setshwantsho sa sona, ba sa kang ba fumanwa ba ena le letshwao la sona diphatleng le matsohong a bona. Ba boela ba phela, mme ba busa le Kreste ka dilemo tse sekete.