Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 13:13 - BIBELE

13 Sebatana seo sa bobedi sa etsa mehlolo e meholo: sa theola mollo lehodimong, pontsheng ya bohle, hore o tle o wele lefatsheng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Hape, sa etsa mehlolo e moholo, ho isa le ho theola mollo lehodimong, hore o wele lefatsheng pontsheng ya batho.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

13 Sa etsa meeka e meholo, sa etsa hore mollo o theohe lehodimong, o tle lefatsheng, pontsheng ya batho.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

13 Sa etsa meeka e meholo, sa etsa hore mollo o theohe lehodimong, o tle lefatsheng, pontsheng ya batho.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 13:13
20 Referencias Cruzadas  

Yaba mollo wa Morena o theoha hodimo, o tjhesa sehlabelo sa setjheso, le patsi, le majwe, le lerole; o monya le metsi a neng a le ka moseleng.


Ka malepa a tsona dingaka tsa Egepeta le tsona tsa etsa jwalo, mme pelo ya Faro ya nna ya thatafala, a se ke a mamela jwalokaha Morena a ne a ile a bolela.


Ka malepa a tsona, le tsona dingaka tsa etsa jwalo, tsa tlisa dihohwana naheng ya Egepeta.


Dingaka tsa hlolwa ho ema kapele ho Moshe, ka baka la diso, hobane diso di ne di tswile dingaka le Baegepeta bohle.


Mollo wa theoha o etswa ho Morena, wa timetsa banna bana ba makgolo a mabedi le mashome a mahlano ba ileng ba nyehela ka mokubetso.


Bafarisi le Basaduke ba tla ho Jesu, mme ka ho mo leka ba kopa hore a ke a ba bontshe sesupo se tswang lehodimong.


hobane bo-Kreste ba bohata le baporofeta ba bohata ba tla hlaha, mme ba tla etsa dipontsho le dimakatso tse kgolo hore, haeba ho ka etsahala, ba tle ba kgelose le bona bakgethwa.


Bo-Kreste ba bohata le baporofeta ba bohata ba tla hlaha, mme ba tla etsa dipontsho le dimakatso, hore, haeba ho ka etsahala, ba tle ba kgelose le bona bakgethwa.


Jwalokaha Jannese le Jamberese ba ile ba hanyetsa Moshe, le batho bao ba hanyetsa nnete. Ke bao dikelello tsa bona di sa sebetseng, bao tumelo ya bona e seng ya sebele.


Haeba motho a ka rata ho di ntsha kotsi, mollo o betsehang melomong ya tsona o timetsa dira tsa tsona. Haeba motho a ka rata ho di ntsha kotsi, eka kgona a bolawe jwalo.


Meya ena ke bademona ba etsang mehlolo, ba yang ho bokella dikgosi tsa lefatshe lohle, ho tla ntweng ya letsatsi le leholo la Modimo ya matla wohle.


Sebatana sa tshwarwa hammoho le moporofeta wa bohata, ya ileng a etsa mehlolo kapele ho sona, mme ka yona a kgelosa ba neng ba ena le letshwao la sebatana, ba ileng ba kgumamela setshwantsho sa sona. Bobedi ba bona ba akgelwa letsheng le tukang mollo wa sebabole ba ntse ba phela.


Tsa tlala lefatshe ka bophara ba lona, mme tsa dikanela diahelo tsa badumedi le motse o ratwang, empa mollo wa theoha lehodimong, wa di fedisa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos