Tshenolo 13:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)12 Sa etsa ka matla wohle a sebata sa pele pontsheng ya sona, mme sa etsa hore lefatshe, le ba ahileng ho lona, ba rapele sebata sa pele, seo leqeba la sona le bolayang le neng le fodile. Ver CapítuloBIBELE12 Sa sebedisa matla kaofela a sebatana sa pele, pontsheng ya sona. Sa etsa hore lefatshe le baahi ba lona ba kgumamele sebatana sa pele, seo leqeba la sona le ka bolayang le neng le se le fodile. Ver CapítuloBaasraak Sotho NT12 Se sebelisa matla ’ohle a sebata sa pele ka pel’a sona, ’me sa etsa hore lefatše le ba ahileng ho lona ba rapele sebata sa pele, seo leqeba la sona le bolaeang le ileng la fola. Ver CapítuloContemporary Southern Sotho Bible 202412 Se sebelisa matla ’ohle a sebata sa pele ka pel’a sona, ’me sa etsa hore lefatše le ba ahileng ho lona ba rapele sebata sa pele, seo leqeba la sona le bolaeang le ileng la fola. Ver Capítulo |
Sebata seo o se boneng se ne se le teng, mme ha se yo; se se se tla nyoloha sekoting, se ntoo ya tahlehong; mme ba ahileng lefatsheng, bao mabitso a bona a sa kang a ngolwa bukeng ya bophelo haesale lefatshe le thewa, ba tla makala ha ba bona sebata, hobane se ne se le teng, mme ha se yo, athe se tla boela se be teng.
Yaba ke bona diterone, mme ba bang ba dula hodima tsona, ba filwe matla a ho ahlola; ka bona le meya ya ba kgaotsweng dihlooho ka baka la bopaki ba Jesu le ka baka la lentswe la Modimo, le ba sa kang ba kgumamela sebata, leha e le setshwantsho sa sona, ba sa kang ba amohela letshwao la sona diphatleng tsa bona le matsohong a bona; ba boela ba phela, mme ba busa le Kreste dilemo tse sekete.