Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 8:2 - BIBELE

2 Ponong ena ka iphumana ke le Shushane, ka tlung ya bokgosi, naheng ya Elame. Ke ne ke eme lebopong la noka ya Ulai.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Eitse ha ke tadima, ha eba jwaloka hoja ke le Susane, motse wa moreneng wa naha ya Elame; ha ke tadima ponong, ka fumana ke dutse pela noka e kgolo ya Ulai.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 8:2
24 Referencias Cruzadas  

Bara ba Sema ke Elame, le Asure, e Arepakeshade, le Lode, le Arame.


Mehleng ya Amorafele kgosi ya Shinare, le Arioke kgosi ya Elasara, le Kedore-Laomere kgosi ya Elame, le Tidale kgosi ya Goime,


Tsena ke dipolelo tsa Nehemia, mora wa Hakaleya: Ka kgwedi ya Tshitwe, ka selemo sa mashome a mabedi sa puso ya Aretaseresese, kgosi ya Peresiya, ke ne ke le motseng wa kgosi, wa Shushane.


Hona mehleng eo, kgosi Ahashuerushe o ne a dutse teroneng ya hae, motseng wa Shushane, e leng motse wa bokgosi.


Ha molao le taelo ya kgosi di utlwahala, mme barwetsana ba bangata ba se ba kgobokanyeditswe Shushane, tlung ya kgosi, moo ba neng ba le bodiseng ba Hegai, Esetere le yena a tliswa tlung ya kgosi, a ba bodiseng ba Hegai, molebedi wa basadi.


Maqosa a matha ka potlako, a susumetswa ke taelo ya kgosi, mme taelo eo ya phatlalatswa Shushane, motseng wa bokgosi. Jwale kgosi le Hamane ba dula, ba enwa, empa motse wa Shushane wona o ne o ferekane.


Esetere a re: “Mohlorisi eo, le sera seo se re hloileng, ke Hamane enwa ya kgopo!” Hamane a tshoha hoo kgosi le mofumahadi ba ileng ba lemoha.


Yaba Moredekai o tloha kapele ho kgosi, a apere seaparo sa bohosana se mmala o moputswa le o mosweu, a rwetse mofapahlooho o moholo wa kgauta; a apere le seaparo se entsweng ka lesela le lohehileng, le perese. Motse wa Shushane wa thaba, wa nyakalla.


Ka lona letsatsi leo, kgosi ya tlisetswa palo ya batho ba bolailweng motseng wa kgosi wa Shushane.


Ka letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ya Hlakubele, Bajuda ba Shushane ba kgobokana, mme ba bolaela batho ba makgolo a mararo hona moo Shushane, empa ba se ke ba hapa thepa ya bona.


Tsatsing leo Morena o tla otlolla letsoho la hae kgetlo la bobedi, ho lopolla masalla a setjhaba sa hae a Asiria le a Egepeta, a Patarose le a Kushe, a Elame le a Shinare, a Hamate le a ahileng dihlekehlekeng.


Ke bontshitswe pono e tshosang: Moeki o a eka, motimetsi o a timetsa. Futuha wena Elame! Thibella wena Media! Matshabeho wohle ke tla a fedisa!


le dikgosi tsohle tsa Simeri, le dikgosi tsohle tsa Elame, le dikgosi tsohle tsa Media,


Ka letsatsi la bohlano la kgwedi ya bone selemong sa mashome a mararo, ha ke le hara bathopuwa pela noka ya Kebare, ke ile ka bona mahodimo a buleha, yaba ke bona dipono tsa Modimo.


“Elame le yona e teng, mabotho a yona a teetse lebitla la yona hare. Kaofela ha bona ba bolailwe ka sabole, ba theohela Nqalong ya Bafu e ntse le maqai; bona ba kileng ba tshosa batho ba phelang lefatsheng; jwale ba jere sekgobo sa bona mmoho le ba theohetseng mohohlong.


Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e mene la kgwedi ya pele, ke ne ke eme lebopong la noka e kgolo ya Tigerese.


“Nna Daniele, moya wa ka o ile wa utlwa bohloko, mme dipono tseo ke di boneng kelellong ya ka tsa ntshwenya haholo.


Daniele a bua, a re: “Bosiu, ponong ya ka, ke ile ka bona sefefo se matla, se tswang diqoleng tse nne tsa lefatshe, se tuduanya lewatle le leholo.


Ka selemo sa boraro sa puso ya kgosi Beleshasare, nna Daniele, ke ile ka bona pono e nngwe hape, ntle ho dipono tseo ke neng ke ile ka di bona pele.


Ha ke lelatsa mahlo a ka, ke tadima, ka bona pheleu e eme lebopong la noka. Pheleu ena e ne e metse manaka a mabedi, a malelele. Empa le leng, le neng le ile la mela morao ho le leng, le ne le feta le leng ka bolelele.


Morena a re ho bona: “Jwale utlwang mantswe a ka: Haeba ho na le moporofeta hara lona, nna, Morena, ke tla itsebisa yena ka pono, ke tla bua le yena ka toro.


Mehleng ya kgale Modimo o ile a bua le bo-ntata rona ka baporofeta, ka makgetlokgetlo, ka mekgwa e mengata,


Ponong eo dipere le bapalami ba tsona ba ne ba tadimeha tjena: Ba ne ba itshireleditse difuba ka dintho tse tshwanang le mollo, le lehakwe la safire, le sebabole ka mmala, mme dihlooho tsa dipere di ne di le jwaloka dihlooho tsa ditau, melomong ya tsona ho betseha mollo, le mosi, le sebabole.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos