Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 10:5 - BIBELE

5 Yaba ke lelatsa mahlo a ka, ke a sheba, mme ka bona monna e mong ya apereng seaparo se entsweng ka lene, thekeng a itlamme ka senyepa sa kgauta e tswang Ufase.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ka emisa mahlo, ka tadima, mme bonang, monna o ne a le teng moo, ya apereng lene, ya itlamileng letheka ka senyepa sa kgauta ya Ufase.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 10:5
9 Referencias Cruzadas  

Ho loka e tla ba leqhama la hae, nnete e be senyepa thekeng la hae.


Silefera e bateletsweng e tswa Tarashishe, kgauta yona ke e tswang kwana Ufase, ke mosebetsi wa setei, o entsweng ke lelala; medingwana e apeswa tse putswa le tse perese: Tsohle di entswe ke ditsebi tsa mesebetsi.


Ka bona banna ba tsheletseng ba etla ka tsela e lebang monyakong o kahodimo, o tadimileng leboya, monna ka mong a tshwere sebetsa se bolayang. E mong wa bona o ne a apere seaparo se entsweng ka lene, qholong ho yena ho leketla lenakana le tshetseng enke. Banna bana ba fihla ba ema pela aletare ya lethose.


Hara mpa bosiu ka bona pono: Ka bona motho ya palameng pere e kgunong! O ne a emisitse hara difate tsa mohlakola, tse ka kgohlwaneng. Kamora hae ho ne ho ena le dipere: tse kgunong, tse sootho, le tse tshweu.


Kahoo ebang malalaalaotswe, nnete e be leqhama la lona, ho loka ho sireletse difuba tsa lona,


Yare ha Joshua a le Jeriko a phahamisa mahlo, a tadima, mme a bona monna ya emeng kapele ho yena, a tshwere sabole. Joshua a ya ho yena, mme a re ho yena: “O wa habo rona, kapa o wa direng?”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos