Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esdrase 4:5 - BIBELE

5 Setjhaba seo sa ntshetsa baeletsi ba kgosi tjotjo, hore ba sitise morero wa Bajuda. Hona sa ho etsa ka nako yohle ya puso ya Siruse, kgosi ya Peresiya, ho fihlela mehleng ya puso ya Dariuse, kgosi ya Peresiya.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 le ho putsa baeletsi hore ba senye morero wa bona; ha eba jwalo ditshiung tsohle tsa ho phela ha Siruse, morena wa Persia, ho ya fihla mehleng ya puso ya Dariuse, morena wa Persia.

Ver Capítulo Copiar




Esdrase 4:5
9 Referencias Cruzadas  

A etsa bobe mahlong a Morena, jwalokaha ba lelapa la Akabe ba ne ba ile ba etsa, hobane kamora lefu la ntatae, ba lelapa la Akabe ba ile ba mo kgothaletsa ho etsa bobe bo ileng ba mo isa timelong.


Mosebetsi wa ho haha Tempele ya Morena Jerusalema, wa kgaotsa. Wa kgaotsa jwalo ho fihlela ka selemo sa bobedi sa puso ya Dariuse, kgosi ya Peresiya.


Jwale setjhaba sa naha eo sa nyahamisa baahi ba naha ya Juda dipelo, e le hore ba tle ba tshabe ho haha.


Ha Ahashuerushe a qala ho busa, bahanyetsi ba mo ngolla lengolo, leo ka lona ba qosang baahi ba naha ya Juda le ba Jerusalema.


Empa Modimo wa bona o ne a ntse a tadimile baholo ba Bajuda, mme bahanyetsi ba ne ba ke ke ba ba thibela ho haha, ho fihlela ha ho tsebisitswe Dariuse, mme yena a arabile ka lengolo. Bo-Tatenai ba ngola lengolo malebana le taba ena.


Empa lengeloi le sireletsang mmuso wa Peresiya le ile la nthibela ka matsatsi a mashome a mabedi a motso o mong. Yaba Mikaele, le leng la mangeloi a ka sehloohong, o a nthusetsa, hobane ke ne ke setse moo ke le mong le kgosi ya Peresiya.


Motho ya rerelang Morena bokgopo, ya kgothaletsang bomenemene, o hlahile hara motse wa Ninife.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos