Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esdrase 4:4 - BIBELE

4 Jwale setjhaba sa naha eo sa nyahamisa baahi ba naha ya Juda dipelo, e le hore ba tle ba tshabe ho haha.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Yaba setjhaba sa naha tseo se qala ho tepeletsa matsoho a setjhaba sa Juda, le ho ba tshabisa ho haha,

Ver Capítulo Copiar




Esdrase 4:4
11 Referencias Cruzadas  

Ha Ishe-Boshete, mora wa Saule, a utlwa hore Abinere o shweletse Heborone, a kgathala matla, mme Baiseraele bohle ba tshoha.


Le hoja ba ne ba tshaba ditjhaba tsa dinaha tseo, ba haha aletare setsheng sa yona sa pele, mme hodima yona ba nyehella Morena ka dinyehelo tsa setjheso, e leng dinyehelo tsa setjheso tsa hoseng le tsa mantsiboya.


Setjhaba seo sa ntshetsa baeletsi ba kgosi tjotjo, hore ba sitise morero wa Bajuda. Hona sa ho etsa ka nako yohle ya puso ya Siruse, kgosi ya Peresiya, ho fihlela mehleng ya puso ya Dariuse, kgosi ya Peresiya.


Jwale dira tsa rona di ntse di re: “E tla re ba hlokomela, kapa ba bona, re be re se re ikakgetse kahara bona, re ba bolaya, re emisa mosebetsi ona.”


Yaba o bua le bana babo, le bahlabani ba lebotho la Samaria, o re: “Bajuda baa ba fokolang, ba etsang? Na ba rata ho tsosa lerako lee? Na ba batla ho etsa mahlabelo? Na mosebetsi oo ba tla o qeta ka letsatsi? Na ba tla tsetolla majwe a tjheletseng qubung ee ya lesupi?”


Bohle ba ne ba leka ho re tshosa, ba re: “Ba tla kgathala matla, ba nyehlise, mme mosebetsi o ke ke wa hlola o fela!” Empa ka rapela, ka re: “Oho, Modimo, ako mmatlafatse!”


Ka baka leo, mahosana a re ho kgosi: “Re kopa hore monna enwa a bolawe, hobane o nyahamisa dipelo tsa bahlabani ba setseng motseng ona, le dipelo tsa setjhaba ka ho bua dipuo tse kang tsena. Monna enwa ha a lakaletse setjhaba sena boiketlo, o se lakaletsa bobe.”


Empa lengeloi le sireletsang mmuso wa Peresiya le ile la nthibela ka matsatsi a mashome a mabedi a motso o mong. Yaba Mikaele, le leng la mangeloi a ka sehloohong, o a nthusetsa, hobane ke ne ke setse moo ke le mong le kgosi ya Peresiya.


Yaba motho eo o re: “Na o tseba lebaka le ntlisitseng ho wena moo? Jwale ke tla ya lwantsha lengeloi le sireletsang Peresiya. Hoba ke tsamaye, kgosana ya Bagerike e tla tla.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos