Esdrase 4:3 - BIBELE3 Empa bo-Serubabele, le Jeshua, le dihlooho tsa malapa a Iseraele, ba re ho dira tseo: “Le ke ke la haha Tempele ya Modimo wa rona le rona. Ke rona feela ba tla hahela Morena Modimo wa Iseraele Tempele, jwalokaha Siruse, kgosi ya Peresiya, a re laetse.” Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)3 Empa Sorobabele, le Joshua, le dihlooho tse ding tsa matlo a bontata Baiseraele, ba re ho bona: Ha le na ho hahela Modimo wa rona ntlo hammoho le rona; re tla mpe re hahele Jehova, Modimo wa Iseraele, re nnotshi, kamoo re laetsweng ke morena Siruse, morena wa Persia kateng. Ver Capítulo |
Ka kgwedi ya bobedi ya selemo sa bobedi ba fihlile Tempeleng ya Modimo Jerusalema, Serubabele, mora wa Shealetiele, le Jeshua, mora wa Josadake, le bana babo bona ba bang, e leng baprista le Balevi, le bohle ba fihlileng Jerusalema, bao e neng e le bathopuwa, ba qala mosebetsi. Ba kgetha Balevi, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo, hore ba okamele mosebetsi wa ho haha Tempele ya Morena.