Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esdrase 4:2 - BIBELE

2 yaba di tla ho bo-Serubabele le ho dihlooho tsa malapa, di re ho bona: “Ereng re le thuse ho haha, hobane le rona re sebeletsa Modimo wa lona jwaloka lona. Haesale re mo etsetsa mahlabelo ho tloha mohla Asare-Hadone, kgosi ya Asure, a neng a re tlisa mona.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 tsa atamela ho Sorobabele le ho dihlooho tsa matlo a bontata Baiseraele, tsa re: A re keng re hahe le lona, etswe le rona re batla Modimo wa lona jwaloka lona, mme re ntse re o hlabela, haesale mohla Esare-Haddone, morena wa Assiria, a re falaleditseng kwano.

Ver Capítulo Copiar




Esdrase 4:2
19 Referencias Cruzadas  

A tloha naheng eo, a ya Asure; a haha Ninife le Rehobote-Ire, le Kalaha,


Jwale kgosi ya Asiria ya tlisa batho ba tswang Babilona, le Kuta, le Afa, le Hamate, le Sefarafaime, ya ba bea metseng ya Samaria, moo e neng e le ha Baiseraele. Samaria ya eba ya bona, mme ba aha metseng ya yona.


Ditjhaba tsena di ne di hlompha Morena, empa tsona, le bana ba tsona, le ditloholo tsa tsona, tsa nna tsa sebeletsa le medimo ya tsona ya ditshwantsho tse betlilweng. Jwalokaha bo-ntata tsona ba ne ba etsa, le tsona di ntse di etsa jwalo le kajeno-ya-bokajeno.


Ka tsatsi le leng, ha a ntse a rapela, a le ka tempeleng ya Niseroke, modimo wa hae, bo-Adarameleke le Saresere, bara ba hae, ba mmolaya ka sabole. Ba balehela naheng ya Ararate, mme Asare-Hadone, mora wa hae, a mo hlahlama.


Jwale dihlooho tsa malapa a ba morabe wa Juda, le wa Benjamine, le baprista, le Balevi, le bohle bao Morena a neng a susumeditse meya ya bona, ba itokisetsa ho ya haha Tempele ya Morena Jerusalema.


Ba ne ba tle le Serubabele, le Jeshua, le Nehemia, le Seraya, le Reelaya, le Moredekai, le Bileshane, le Misepara, le Bigifai, le Rehume, le Baana. Palo ya banna ba setjhaba sa Iseraele ke ena:


Empa baprista, le Balevi, le dihlooho tsa malapa, bao e neng e se e le maqheku, ba neng ba ile ba bona ha motheo wa Tempele ya pele o ralwa, ba lla haholo, ha ba bona ho ralwa motheo wa Tempele ena, empa ba bangata bona ba etsa ditlatse tsa thabo.


Jwale Jeshua, mora wa Josadake, a ema, a ena le bana babo, e leng baprista, le Serubabele, mora wa Shealetiele, le yena a ena le bana babo. Bana bohle ba haha aletare ya Modimo wa Iseraele, hore ba tle ba nyehelle dinyehelo tsa setjheso hodima yona, jwalokaha ho ngotswe Molaong wa Moshe, moporofeta wa Modimo.


“Jwale, ka baka lena, wena Modimo wa rona, Modimo e moholo, ya matla, Ramatshabeho, ya bolokang selekane sa hae, ya hauhelang, tsietsi tsohle tse re hlahetseng o se ka di bebola: Tse hlahetseng kgosi tsa rona le mahosana a rona, baprista ba rona le baporofeta ba rona, bo-ntata rona le tjhaba sena sa hao sohle, ho tloha mehleng ya dikgosi tsa Asure, ho fihlela le kajeno-ya-bokajeno!


Ba a tlaka, mme ba bua tse mpe, ba sokela batho ka boikgantsho.


Yaba Saneheribe, kgosi ya Asiria, o a kokotoloha, o kgutla le mehlala, o ya dula Ninife.


Ka tsatsi le leng, ha a ntse a rapela, a le ka tempeleng ya Niseroke, modimo wa hae, bo-Adarameleke le Saresere, bara ba hae, ba mmolaya ka sabole. Ba balehela naheng ya Ararate, mme Asare-Hadone, mora wa hae, a mo hlahlama.


Asiria e ke ke ya re pholosa, ha re sa tla palama dipere tsa ntwa. Tse entsweng ka matsoho a rona re ke ke ra hlola re re ke medimo ya rona, hobane kgutsana e utlwelwa bohloko ke wena.”


Hona e ne e le ho hanyetsana le badumedi ba bohata, ba tlileng ka bononnori ho tla iketsa dihlwela tse tlilo hlwela tsa bolkolohi boo re nang le bona ho Kreste Jesu, hore di tle di re etse makgoba.


Jwalokaha Jannese le Jamberese ba ile ba hanyetsa Moshe, le batho bao ba hanyetsa nnete. Ke bao dikelello tsa bona di sa sebetseng, bao tumelo ya bona e seng ya sebele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos