Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esdrase 4:1 - BIBELE

1 Eitse ha dira tsa ba morabe wa Juda le wa Benjamine di utlwela hore bao e neng e le bathopuwa ba tsosa tempele ya Morena Modimo wa Iseraele,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Eitse ha dira tsa Juda le Benjamine di utlwa hore bana ba kgoleho ba haha tempele ya Jehova, Modimo wa Iseraele,

Ver Capítulo Copiar




Esdrase 4:1
14 Referencias Cruzadas  

Palo ya dintho tsena tsohle tse entsweng ka kgauta le ka silefera e ne e le dikete tse hlano le makgolo a mane. Tsena tsohle Sheshebasare a tla le tsona, ha bathopuwa ba neng ba le Babilona ba kgutlela Jerusalema.


Ba neng ba thopilwe ba etsa jwalo. Yaba moprista Esera o kgetha banna bao e neng e le dihlooho tsa malapa a bo-ntata bona, lelapeng ka leng a kgetha monna a le mong, mme bana bohle ba qollwa ka mabitso. Ka letsatsi la pele la kgwedi ya leshome, ba kopana ho hlahloba taba ena.


Naheng yohle ya Juda le Jerusalema, ba phatlalletsa ba neng ba thopilwe hore ba phuthehele Jerusalema.


Motho o ne a ke ke a kgetholla lerata la ditlatse tsa thabo ho lerata la seboko sa setjhaba, hobane setjhaba se ne se howeletsa haholo, hoo lerata la sona le neng le utlwahala hole.


Bana ba Iseraele, le baprista, le Balevi, le bohle ba neng ba thopilwe, ba keteka mokete wa ho kgakola Tempele ya Modimo ka thabo.


O ne a ile a tloha Babilona ka letsatsi la pele la kgwedi ya pele, mme ka letsatsi la pele la kgwedi ya bohlano, a fihla Jerusalema, hobane Morena Modimo wa hae, o ne a mo hlohonolofaditse.


Daniele a tliswa kapele ho kgosi, mme kgosi ya bua ho yena, ya re: “Na ke wena Daniele, e mong wa bathopuwa ba Bajuda bao ntate, eo e neng e le kgosi, a neng a ba tlise kwano, ba etswa naheng ya Juda?


“Ka baka lena tseba, o utlwisise: Ho tloha mohla ho phatlalatswang taelo, taelo ya hore Jerusalema e tsoswe, ho fihlela ha mmusi a fihla, mmusi ya tlotsitsweng, lemo tse supileng hasupa di tla feta. Jerusalema e tla tsoswa, e hahwe, ho betlwe diterata le marako a tsoswe; e tsitse dilemo lemo tse mashome a tsheletseng a metso e mmedi hasupa, empa mehla ena e tla be le ya ditsietsi!


hobane teng ke buletswe monyetla o moholo, o atlehang, empa ho bile ho na le ba bangata ba nkganyetsang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos