Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esdrase 4:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Eitse ha dira tsa Juda le Benjamine di utlwa hore bana ba kgoleho ba haha tempele ya Jehova, Modimo wa Iseraele,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Eitse ha dira tsa ba morabe wa Juda le wa Benjamine di utlwela hore bao e neng e le bathopuwa ba tsosa tempele ya Morena Modimo wa Iseraele,

Ver Capítulo Copiar




Esdrase 4:1
14 Referencias Cruzadas  

Mesebetsi yohle ya kgauta le ya silefera ya etsa dikete tse hlano tse nang le makgolo a mane. Ntho tseo tsohle, Sheshebatsare a ya le tsona, mohla baholehuwa ba Babilona ba kgutlisetswang Jerusalema.


Haele ba kgutlileng kgolehong, bona ba etsa. Moprista Esdrase, le banna ba bang, bao e leng dihlooho tsa matlo a bontata bona, ba kgethwa ka matlo a bontata bona, mme bohle ba bolelwa ka mabitso a bona. Ba tla hammoho ka tsatsi le qalang kgwedi ya leshome, ho botsisisa taba ena.


Yaba ba hlabela bohle ba kgutlileng kgolehong mokgosi, Juda le Jerusalema, ha thwe, ba phuthehele Jerusalema;


ho se motho hara setjhaba ya ka kgethang modumo wa ditlatse tsa thabo ho modumo wa ho lla ha setjhaba; hobane setjhaba se ne se etsa ditlatse tse kgolo, tseo modumo wa tsona o neng o utlwahala hole.


Yaba bana ba Iseraele, le baprista, le Balevi, le ba bang ba kgutlileng kgolehong, ba etsa kgakolo ya ntlo eo ya Modimo ka thabo;


A qala ho tloha Babilona ka la pele la kgwedi ya pele, a fihla Jerusalema ka le qalang kgwedi ya bohlano, kamoo letsoho le molemo la Modimo le nnileng la eba ho yena kateng.


Yaba Daniele o tliswa pela morena. Morena a bua, a re ho Daniele: A ke wena Daniele wa batshwaruwa ba Bajuda bao morena ntate a ba ntshitseng Juda na?


Tseba ke hona, o utlwisise hore, ho tloha taelong e bolelang hore Jerusalema o tla tsoswa, o hahuwe, ha e tswile, ho fihlisa ho motlotsuwa Morena, ho tla feta veke tse supileng; ka veke tse mashome a tsheletseng a metso e mmedi, motse o tla tsoswa, o hahuwe le mapatlelo a wona, le marako a wona, empa e tla ba ka matsatsi a mahlomola.


Hobane teng ke buletswe monyako o moholo wa tshebetso e hlohonolofalang; hape ho le bahanyetsi ba bangata.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos