Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 8:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ka emisa mahlo, ka tadima, mme bonang, pheleu e ne e eme pela noka, e nang le dinaka tse pedi, dinaka tseo di ne di le telele, le leng le ne le fetisa le leng ka bolelele; le fetang le leng ke le neng le hodile morao.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Ha ke lelatsa mahlo a ka, ke tadima, ka bona pheleu e eme lebopong la noka. Pheleu ena e ne e metse manaka a mabedi, a malelele. Empa le leng, le neng le ile la mela morao ho le leng, le ne le feta le leng ka bolelele.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 8:3
25 Referencias Cruzadas  

Davida eitse ha a emisa mahlo, a bona lengeloi la Jehova le eme pakeng tsa lefatshe le lehodimo, le tshwere sabole e bolatsi letsohong la lona, le e otlolletse Jerusalema. Yaba Davida le baholo, ba apere masela a mahwashe, ba itahla fatshe ka difahleho tsa bona.


Ho itswe ke Siruse, morena wa Bapersia: Jehova, Modimo wa mahodimo, o nneile mebuso yohle ya lefatshe; hape, o ntaetse hore ke mo hahele ntlo Jerusalema, naheng ya Juda.


le ho putsa baeletsi hore ba senye morero wa bona; ha eba jwalo ditshiung tsohle tsa ho phela ha Siruse, morena wa Persia, ho ya fihla mehleng ya puso ya Dariuse, morena wa Persia.


selemong sa boraro sa puso ya hae, a etsa seboka, a se etsetsa mahosana wohle a hae, le bafo ba hae, le makgotla a Persia le a Media, le marenana, le babusisi ba dinaha tsa hae, ba phuthehileng pela hae.


Bonang, ke tla tsosetsa Babilona Bamede ba sa reng letho ka silefera, ba sa kgahlisweng ke kgauta.


Ke bontshitswe pono e tshabehang: Mohapi o a hapa, mosenyi o a senya. Nyoloha, Elame! wena Media, o lokise ntwa! Ke fedisa masisapelo wohle.


ke bolelang Siruse ka ho re: Ke modisa wa ka, o tla etsa se ratwang ke nna, o tla re ho Jerusalema: O tla tsoswa, le ho tempele: O tla thewa.


Leotsang metsu, le tshware dithebe. Jehova o tsositse moya wa marena a Bamede; hobane morero wa hae o reretswe Babilona ho mo senya, hobane tefetso ya Jehova ke eo, tefetso ya tempele ya hae.


Ka emisa mahlo, ka tadima, mme bonang, monna o ne a le teng moo, ya apereng lene, ya itlamileng letheka ka senyepa sa kgauta ya Ufase.


Kamora hao, ho tla hlaha mmuso o mong, o monyenyane ho wa hao, ho ntoo ba mmuso o mong wa boraro wa koporo, o tlang ho busa lefatshe lohle.


mme Dariuse Momede a inkela mmuso, a le dilemo tse mashome a tsheletseng a metso e mmedi.


Mme Daniele a nna a atleha mmusong wa Dariuse, le mmusong wa Siruse, Mopersia.


Ka ntoo bona sebatana se seng sa bobedi se le jwaloka bere, se eme ka lehlakore le le leng, se ena le dikgopo tse tharo molomong wa sona, dipakeng tsa meno a sona, mme ha thwe ho sona: Tloha, o rusolle dinama tse ngata.


Eitse ha ke tadima, ha eba jwaloka hoja ke le Susane, motse wa moreneng wa naha ya Elame; ha ke tadima ponong, ka fumana ke dutse pela noka e kgolo ya Ulai.


Pheleu eo o e boneng e ena le manaka a le mabedi, ke marena a Bamede le Bapersia;


Jwale, ka emisa mahlo a ka, mme ka bona manaka a mane.


Ka boela ka emisa mahlo a ka, mme ka bona monna ya tshwereng kgwele ya ho lekanya letsohong la hae.


Ka boela ka emisa mahlo a ka, ka tadima, mme hang ha hlaha lengolo le phutholotsweng, le fofang.


Lengeloi le neng le bua le nna, la boela la hlaha, la re ho nna: Emisa he mahlo a hao, mme o bone se hlahang mane hore na keng.


Jwale, ka emisa mahlo a ka, ka tadima; mme bonang, ha hlaha basadi ba babedi, mapheo a bona a tletse moya, ba ne ba na le mapheo a jwaloka mapheo a mokotatsie; mme ba emisetsa efa mahareng a lefatshe le lehodimo.


Ka boela ka emisa mahlo a ka, ka tadima, mme ka bona ho hlaha makoloi a mane a tswang mahareng a thaba tse pedi, thaba tseo e le thaba tsa koporo;


Balaame a emisa mahlo a hae, a bona Iseraele a emisitse ka meloko ya hae. Yaba Moya wa Modimo o ba hodima hae.


Eitse Joshua, ha a le haufi le Jeriko, a emisa mahlo, a tadima, a bona monna a eme mabapa le yena, a tshwere lerumo le tsomotsweng ka letsoho la hae. Joshua a tla pela hae, a re ho yena: Na o wa rona, kapa o wa direng tsa rona na?


Ka ba ka bona sebata se seng se nyolohelang lefatsheng, se nang le dinaka tse pedi tse jwaloka tsa konyana, se mpa se bua jwaloka drakone.


Yaba ke bona konyana e kang e hlabilwe, e eme mahareng a terone le a dibopuwa tse phelang tse nne, le mahareng a baholo, e na le dinaka tse supileng, le mahlo a supileng, e leng Meya e supileng ya Modimo, e rometsweng kahohle lefatsheng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos