Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 8:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ka bona pheleu e thulela bophirimela, le leboya, le borwa, ho se phoofolo e ka emellanang le yona, ho se motho ya ka namolelang matleng a yona; ya etsa kamoo e ratang kateng, ya natlafala.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Ka bona pheleu ena e kgorohela bophirimela, le leboya, le borwa. Ho ne ho se sebatana se ka e emang kapele, kapa motho ya ka pholosang e mong ho yona. E ne e iketsetsa seo e se ratang, e bile e ikgohomosa.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 8:4
18 Referencias Cruzadas  

Tsedekia, mora Kenaana, o ne a iketseditse dinaka tsa tshepe, a re: Ho itswe ke Jehova: Ka tsena o tla thula Basiria, o be o ba qete.


Athe o ntse o tseba hobane ha ke na molato, le hobane ha ho motho ya ka nnamolelang letsohong la hao.


Ka wena re tla diha dira tsa rona, ka lebitso la hao re hatakele ba re tsohelang matla.


Lemohang tseo, lona ba lebaleng Modimo, esere mohlomong ka le harola, mme ha hlokahala ya namolelang!


esere sera sa nthusolla jwaloka tau, sa ntshetlakela ha ke hloka monamoledi.


Erekaha le sututsa ka lehlakore le ka lehetla, le thesela dinku tsohle tse tepeletseng ka manaka a lona, ho fihlela le di qhalanyetsa kantle,


Ya neng a futuha ho mo lwantsha o tla etsa kamoo a ratang kateng, mme ha ho motho ya tla tiya pela hae; o tla ema naheng e kgahlehang, mme tshenyo e tla ba teng letsohong la hae.


Mme morena eo o tla etsa kamoo a ratang kateng; o tla ikgodisa, a phahamele hodima medimo yohle, mme o tla seba Modimo wa medimo ka dinyefolo tse makatsang, a atlehe ho fihlela tefetso e phetheha; hobane se laotsweng e ka kgona se etsahale.


ka baka la boholo boo o neng o mo neile jona, ba mefuta yohle le ba ditjhaba tsohle le ba dipuo tsohle ba ne ba mo tshaba kaofela, ba thothomela pela hae; o ne a bolaya eo a ratang ho mmolaya, a phedise eo a ratang ho mo phedisa, a phahamise eo a ratang ho mo phahamisa, a kokobetse eo a ratang ho mo kokobetsa.


Ka bona bosiu boo, Belshatsare, morena wa Bakalde, a bolawa,


Ka ntoo bona sebatana se seng sa bobedi se le jwaloka bere, se eme ka lehlakore le le leng, se ena le dikgopo tse tharo molomong wa sona, dipakeng tsa meno a sona, mme ha thwe ho sona: Tloha, o rusolle dinama tse ngata.


Ka e bona e teana le pheleu, e e halefetse: ya thesela pheleu, ya e kgorola dinaka tse pedi tsa yona; mme matla a hlokahala pheleung a ho emellana le yona ya e lahlela fatshe, ya e hatakela, ho se motho ya e namolelang matleng a yona.


Hape, masala a Jakobo a tla ba hara ditjhaba, mahareng a merabe e mengata, jwaloka tau hara diphoofolo tsa meru, jwaloka tawana, hara mehlape ya dinku, eo ereng ha e feta, e hatakele, e harole, ho se ya ka pholosang!


Bokgabane ba hae bo jwaloka ba letsibolo la dikgomo tsa hae, mme dinaka tsa hae di jwaloka dinaka tsa nare; ka tsona o tla hlaba ditjhaba tsohle ho isa dipheletsong tsa lefatshe; ke dikete tse mashome tsa Efraime, ke dikete tsa Manasse.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos