Faro a re ho tliswe Josefa, mme ba phakisa ba mo ntsha tjhankaneng. Josefa a beola ditedu, a apara diaparo disele, yaba o tliswa kapele ho Faro.
1 Samuele 2:8 - BIBELE Mafutsana o a nyolla a le leroleng, bahloki o ba nyolla ba le moraheng, o ba dudisa mmoho le mahosana, terone ya tlotla e be lefa la bona; hoba tshiya tsa lefatshe ke tsa Morena, o theile lefatshe hodima tsona. Sesotho 1909/1961 (SO) O ntsha mofutsana ditholeng; o tlosa mofumanehi thotobolong, e le hore a ba dudise hara marena, mme a ba ruise terone ya kganya. Hobane metheo ya lefatshe ke ya Jehova; o tiisitse lefatshe lohle hodima yona. |
Faro a re ho tliswe Josefa, mme ba phakisa ba mo ntsha tjhankaneng. Josefa a beola ditedu, a apara diaparo disele, yaba o tliswa kapele ho Faro.
O tla okamela lelapa la ka. “Setjhaba sa ka sohle se tla hlompha ditaelo tsa hao, mme nna ke tla o feta feela ka ho dula teroneng.”
“Ka baka lena, o tle o bolelle mohlanka wa ka Davida, o re Morena wa mabotho o bua tjena: ‘Ke ne ke o late motebong, moo o neng o disa dinku teng hore o tlo ba mmusi wa setjhaba sa ka sa Baiseraele.
“Ho tloha haesale ke o ntsha leroleng, ke o etsa kgosi ya setjhaba sa ka sa Iseraele, o nnile wa tsamaya mehlaleng ya Jeroboame. O entse hore setjhaba sa ka sa Iseraele se ntshitelwe, mme se mphephetse hore ke se halefele ka baka la dibe tsa sona.
Jehu a ema, a kena ka tlung; mohlankana a mo tshela ka ole hloohong, a re ho yena: “Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Ke o tlotsitse hore o be kgosi ya setjhaba sa Morena, e leng sa Iseraele.
o re: “Ke tswetswe ke mme ke le feela, ke tla ya lebitleng ke ntse ke le feela. Morena o na fane, Morena o amohile, ho ke ho roriswe lebitso la hae.”
Ka ba ka re: “Modimo wa ka, o se ke wa ntlosa lefatsheng ke sa le mahareng a bophelo ba ka. Wena dilemo tsa hao di akaretsa meloko yohle.
Leha lefatshe le ka thothomela le bohle ba ahileng ho lona, ke nna ya tiisitseng ditshiya tsa lona.
Kahlolo ha e tswe botjhabela, kapa ha e tswe bophirimela, leha e le lehwatateng kapa dithabeng.
Mohlomong mohlankana eo o tswa tjhankaneng ho tla ba kgosi, kapa ebe o tswaletswe bofutsaneng, empa a tswallwa mmusong oo e tla ba wa hae.
Ke tla mo kgokgothela sebakeng se tiileng jwalokaha eka ke thakgisa, mme e be terone e tlotlehang ya lapa la ntatae.
Kgosi ya bea Daniele ditulong tse phahameng, ya mo etsetsa le dimpho tse ngata, tse kgolo, ya mo etsa mmusi wa naha yohle ya Babilona, le mookamedi wa bahlalefi bohle ba Babilona.
“ ‘Qeto ena e phatlaladitswe, ya phatlalatswa ke maqosa, kahlolo ya etswa ke ba halalelang, e le hore batho bohle ba tle ba tsebe: Ya Hodimodimo o laola mmuso wa batho, o o nea ofe le ofe ya ratwang ke yena, kapa a hlomamise mofo setulong sa kgosi.’
Daniele a ikgetha hara baokamedi le mahosana, hobane moya wa bohlale o ne o le ka ho yena. Kahoo kgosi ya rera ho mo etsa mookamedi wa puso yohle.
Mora o kganya ka tlotla ya Modimo, ke setshwantsho sa boleng ba Modimo, mme tsohle o di boloka ka lentswe la hae le matla. Hoba a re hlwekise dibe, a ya dula ka letsohong le letona la Ya Hodimodimo, mahodimong.
Mamelang, bana beso ba ratehang. Na hase Modimo ya kgethileng bao e leng mafutsana mahlong a lefatshe, hore e be barui tumelong, le majalefa a Mmuso oo a o tshepisitseng ba mo ratang?
ya re entseng mmuso le baprista ba sebeletsang Modimo Ntatae, e be tlotla le matla, kamehla le mehla. A ho be jwalo!
Ha ho sa tla ba le bosiu; ha ba sa tla hloka lesedi la lebone kapa lesedi la letsatsi, hobane Morena o tla ba bonesetsa, mme ba tla busa kamehla le mehla.
“Ya hlolang ke tla mo nea tokelo ya ho dula le nna teroneng ya ka, jwalokaha le nna ke hlotse, mme ke dutse le Ntate teroneng ya hae.
Samuele a re: “Ha ke re o hlooho ya merabe ya Iseraele, le hoja wena o itadima o le e monyenyane? Morena o o tlotsitse hore o be kgosi ya Iseraele.