Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 5:10 - BIBELE

10 O ba entse mmuso le baprista ba tla sebeletsa Modimo wa rona, mme ba buse lefatshe.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 mme o ba beile marena le baprista ho Modimo wa rona, mme ba tla busa hodima lefatshe.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

10 Wa re etsa marena le baprista ho Modimo wa rona, mme re tla busa hodima lefatshe.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 Wa re etsa marena le baprista ho Modimo wa rona, mme re tla busa hodima lefatshe.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 5:10
9 Referencias Cruzadas  

Le tla ba baprista ba Morena, le be setjhaba se halalelang.’ Ana ke wona mantswe ao o tshwanetseng ho a bua ho bana ba Iseraele.”


Empa bahalaledi ba Ya Hodimodimo ba tla nka mmuso e be wa bona kamehla; e, kamehla le mehla.’


Mmuso le matla a puso, le botumo ba mebuso yohle e lefatsheng, tsena di tla newa setjhaba sa bahalaledi ba Ya Hodimodimo, eo mmuso wa hae e leng mmuso wa kamehla yohle, eo babusi bohle ba tla mo sebeletsa, ba mo hlomphe.’


ya re entseng mmuso le baprista ba sebeletsang Modimo Ntatae, e be tlotla le matla, kamehla le mehla. A ho be jwalo!


Yaba ke bona diterone le ba dutseng hodima tsona, ba neilweng matla a ho ahlola. Ka bona le ba kgaotsweng dihlooho ka baka la bopaki ba Jesu, le ka baka la Lentswe la Modimo, le ba sa kang ba kgumamela sebatana le setshwantsho sa sona, ba sa kang ba fumanwa ba ena le letshwao la sona diphatleng le matsohong a bona. Ba boela ba phela, mme ba busa le Kreste ka dilemo tse sekete.


Ho lehlohonolo, mme ho halalela ba nang le kabelo tsohong ya pele ya bafu. Lefu la bobedi ha le sa na matla hodima bona, empa e tla ba baprista ba Modimo le ba Kreste, mme ba tla busa le yena ka dilemo tse sekete.


Ha ho sa tla ba le bosiu; ha ba sa tla hloka lesedi la lebone kapa lesedi la letsatsi, hobane Morena o tla ba bonesetsa, mme ba tla busa kamehla le mehla.


“Ya hlolang ke tla mo nea tokelo ya ho dula le nna teroneng ya ka, jwalokaha le nna ke hlotse, mme ke dutse le Ntate teroneng ya hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos