Tshenolo 22:5 - BIBELE5 Ha ho sa tla ba le bosiu; ha ba sa tla hloka lesedi la lebone kapa lesedi la letsatsi, hobane Morena o tla ba bonesetsa, mme ba tla busa kamehla le mehla. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)5 Bosiu ha bo sa tla hlola bo eba teng, mme ha ba sa hloka lesedi la lebone, leha e le la letsatsi; hobane Morena Modimo o tla ba bonesa, mme ba tla busa kamehla le mehla. Ver CapítuloBaasraak Sotho NT5 Mme ha ho sa tla hlola ho eba bosiu teng; mme ha ba hloke lebone, leha e le lesedi la letsatsi; hobane Morena Modimo o ba bonesetsa: mme ba tla busa kamehla le mehla. Ver CapítuloContemporary Southern Sotho Bible 20245 Mme ha ho sa tla hlola ho eba bosiu teng; mme ha ba hloke lebone, leha e le lesedi la letsatsi; hobane Morena Modimo o ba bonesetsa: mme ba tla busa kamehla le mehla. Ver Capítulo |
Yaba ke bona diterone le ba dutseng hodima tsona, ba neilweng matla a ho ahlola. Ka bona le ba kgaotsweng dihlooho ka baka la bopaki ba Jesu, le ka baka la Lentswe la Modimo, le ba sa kang ba kgumamela sebatana le setshwantsho sa sona, ba sa kang ba fumanwa ba ena le letshwao la sona diphatleng le matsohong a bona. Ba boela ba phela, mme ba busa le Kreste ka dilemo tse sekete.