Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 22:4 - BIBELE

4 Ba tla bona sefahleho sa hae, mme lebitso la hae le tla be le le diphatleng tsa bona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 ba tla bona sefahleho sa wona, mme lebitso la wona le tla ngolwa diphatleng tsa bona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

4 Ba tla bona sefahleho sa hae; mme lebitso la hae le tla ba diphatleng tsa bona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Ba tla bona sefahleho sa hae; mme lebitso la hae le tla ba diphatleng tsa bona.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 22:4
18 Referencias Cruzadas  

O tla rapela Modimo, yena a mo rekolohele, fahleho sa hae a tla se bone a nyakaletse, hobane Modimo o mmuseletsa ho loka ha hae.


Empa nna, ha ke se ke ahloletswe, ke tla bona fahleho sa hao; ha ke tsoha ke tla kgotsofalla boteng ba hao.


Nyehelang ka mahlabelo ka mokgwa o lokelang, le nyehele ka wona, le tshepe Morena.


Jwalokaha kgama e labalabela metsi a melatswana, le wona moya wa ka o o labalabela jwalo, o labalabela wena Modimo.


Mahlo a lona a tla bona kgosi e kgabile, le bone le naha e nametseng hole.


Hwatata le tla thunya haholo, le bine ka thabo, le fumane tlotla e kang ya Lebanone, botle e ke ba Karamele le ba Sharone; batho ba tla bona tlotla ya Morena, ba bone le botle ba Modimo wa rona.


Tlotla ya Morena e tla bonahatswa, batho bohle ba tla e boha ba le mmoho, hoba Morena o boletse jwalo.”


Lentswe la Morena la fihla ho nna, la re:


Ho lehlohonolo ba pelo di hlwekileng, hobane ba tla bona Modimo.


Ha motho a ntshebeletsa, a ntatele, mme moo ke leng teng, le mosebeletsi wa ka o tla ba hona teng; ha motho a ntshebeletsa, Ntate o tla mo hlompha.”


“Ntate, bao o nneileng bona, ke rata hore moo ke leng teng le bona ba be hona teng, hore ba bone tlotla ya ka, eo o nneileng yona, hobane o nthatile ho eso thewe lefatshe.


Hajwale re bona ka seipone, ka lerootho, empa mohlang oo re tla bona jwalokaha difahleho di tadimane. Hajwale ke tseba ka mokgwa o sa phethahalang, empa mohlang oo ke tla tseba jwalokaha Modimo a ntseba.


Pheellang ho phela le bohle ka kgotso le ka kgalalelo, hobane ntle ho yona ha ho ya tla bona Morena.


Jwale ka tadima, mme ka bona Konyana e eme hodima thaba ya Sione, e ena le ba dikete tse lekgolo le mashome a mane a metso e mene, bao diphatleng tsa bona ho neng ho ngotswe lebitso la yona, le lebitso la Ntata yona.


“Ya hlolang ke tla mo etsa tshiya ka tempeleng ya Modimo wa ka, mme ha a ka ke a hlola a etswa ho yona. Hodima hae ke tla ngola lebitso la Modimo wa ka, le lebitso la motse wa Modimo wa ka, e leng Jerusalema e ntjha, e theohang lehodimong ho Modimo wa ka, le lebitso la ka le letjha.


la re: “Le se ke la senya lefatshe, kapa lewatle, kapa difate, re eso ka re tshwaya bahlanka ba Modimo wa rona diphatleng tsa bona.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos