Daniele 2:48 - BIBELE48 Kgosi ya bea Daniele ditulong tse phahameng, ya mo etsetsa le dimpho tse ngata, tse kgolo, ya mo etsa mmusi wa naha yohle ya Babilona, le mookamedi wa bahlalefi bohle ba Babilona. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)48 Yaba morena o phahamisa Daniele, a mo abela dineo tse ngata, tse kgolohadi, a mmea mmusisi wa naha yohle ya Babilona, le motsamaisi wa babohlale bohle ba Babilona. Ver Capítulo |
Mmusong ona wa hao, monna o teng ya nang le moya wa medimo e halalelang ka ho yena. Mehleng ya ntatao, monna enwa o ile a ipaka hore o na le kelello e tjhatsi, le kutlwisiso, le bohlale bo kang ba medimo. Kgosi Nebukadenesare, ntatao, o ile a mo etsa mookamedi wa dinohe le balepi ba dinaledi, le Bakalatiya, le badupi.
Kgosi ya howeletsa hore ho bitswe balepi ba dinaledi, le Bakalaitya, le badupi. Ya bua le dinohe tsa Babilona, ya re: “Mang kapa mang ya ka balang mongolo ona, mme a ntlhalosetsa seo o se bolelang, o tla apeswa diaparo tse perese, a rweswe sekgama sa kgauta molaleng, e be mmusi wa boraro pusong ena ya ka.”