Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 1:6 - BIBELE

6 ya re entseng mmuso le baprista ba sebeletsang Modimo Ntatae, e be tlotla le matla, kamehla le mehla. A ho be jwalo!

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ho ya re ratileng, ya re hlatswitseng dibe tsa rona mading a hae, a ba a re bea marena le baprista ho Modimo, Ntatae, ho iswe kganya le matla kamehla le mehla! Amen!

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

6 O re entse marena le baprista ba ho Modimo Ntata wona; ho eena e be khanya le matla ka ho sa feleng le kamehla. Amen.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 O re entse marena le baprista ba ho Modimo Ntata wona; ho eena e be khanya le matla ka ho sa feleng le kamehla. Amen.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 1:6
23 Referencias Cruzadas  

Le tla ba baprista ba Morena, le be setjhaba se halalelang.’ Ana ke wona mantswe ao o tshwanetseng ho a bua ho bana ba Iseraele.”


Lona le tla bitswa baprista ba Morena, le bitswe basebeletsi ba Modimo wa rona. Maruo a baditjhaba a tla jewa ke lona, le ithorise ka tlotla ya bona.


“Ha nako e badilweng e se e fetile, nna Nebukadenesare, ke ile ka lelaletsa mahlo a ka lehodimong, kelello ya ka ya botho ya kgutla, yaba ke roka Ya Hodimodimo, ke a mo rorisa, ke tlotlisa yena ya phelang kamehla yohle: “Puso ya hae e hlola kamehla yohle, mmuso wa hae o akaretsa meloko yohle!


Yaba o newa puso, le tlotla, le mmuso, e le hore ba ditjhaba tsohle, le ba merabe yohle, le ba dipuo tsohle ba mo sebeletse. Puso ya hae ke puso ya kamehla yohle, e ke keng ya fela, mme mmuso wa hae o ke ke wa timetswa.”


o re phemise ho kena molekong, o mpe o re lopolle bobeng, hobane Mmuso ke wa hao, le matla, le tlotla, kamehla le mehla. Amen.’


hore bohle ba hlomphe Mora jwalokaha ba hlompha Ntatae. Ya sa hlompheng Mora ha a hlomphe Ntatae ya mo romileng.


Tsohle di tswa ho Modimo, di teng ka yena, mme ke tsa hae. Tlotla e ke e iswe ho yena kamehla le mehla. A ho be jwalo!


e le hore le tle le tlotlise Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, le le pelonngwe le ntsweleng.


mme maleme wohle a tle a bolele hore “Jesu Kreste ke Morena,” e be tlotliso ho Modimo Ntate.


yena a inotshi ya sa shweng, ya ahileng leseding le ke keng la atamelwa, eo ho seng motho ya kileng a mmona, kapa ya ka mmonang. Hlompho le matla a sa feleng e ke e be tsa hae. A ho be jwalo!


a ke a le fe tsohle tse molemo, tseo le di hlokang ho phetha thato ya hae. Tse mo kgahlisang a ke a di bope ka dipelong tsa rona, ka Jesu Kreste, ya lokelwang ke tlotla kamehla le mehla. A ho be jwalo!


Ya buang a bue tsa Modimo; ya sebeletsang a sebeletse ka matla ao a a filweng ke Modimo; e le hore Modimo a tle a tlotliswe dinthong tsohle ka Jesu Kreste, eo tlotla le matla e leng tsa hae kamehla le mehla. A ho be jwalo!


Ho yena e ke e be matla kamehla yohle. A ho be jwalo!


Le mpe le hole mohaung le tsebong ya Jesu Kreste, Morena le Mopholosi wa rona. Ho yena e be tlotla jwale le kamehla yohle. A ho be jwalo!


ho Modimo ya inotshi, Mopholosi wa rona ka Jesu Kreste, Morena wa rona, e be tlotla, le boholo, le matla, le borena, tseo a bileng le tsona pele ho dinako, le jwale, le kamehla yohle. A ho be jwalo!


Nna Johanne, ngwanabo lona, ke le molekane wa lona ho Jesu matshwenyehong, le mmusong, le tiisetsong, ke ne ke le sehlekehlekeng se bitswang Patamose, ka baka la ho bolela lentswe la Modimo le ho paka Jesu.


Ho lehlohonolo, mme ho halalela ba nang le kabelo tsohong ya pele ya bafu. Lefu la bobedi ha le sa na matla hodima bona, empa e tla ba baprista ba Modimo le ba Kreste, mme ba tla busa le yena ka dilemo tse sekete.


“Ho a o lokela, wena Morena le Modimo wa rona, ho amohela tlotla, le hlompho, le matla, hobane ke wena ya hlodileng dintho tsohle, ke ka thato ya hao di leng teng, di hlodilweng.”


O ba entse mmuso le baprista ba tla sebeletsa Modimo wa rona, mme ba buse lefatshe.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos