Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 7:8 - BIBELE

8 “Ka baka lena, o tle o bolelle mohlanka wa ka Davida, o re Morena wa mabotho o bua tjena: ‘Ke ne ke o late motebong, moo o neng o disa dinku teng hore o tlo ba mmusi wa setjhaba sa ka sa Baiseraele.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Jwale, bolella mohlanka wa ka Davida, o re: Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Ke ne ke o late merakeng, o setse dinku morao, hore ke o bee modisa wa setjhaba sa ka sa Iseraele.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 7:8
17 Referencias Cruzadas  

Nathane a re ho Davida: “Monna eo ke wena. Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Ke o tlotseditse hore o be kgosi ya Iseraele, ke o lopolotse matsohong a Saule.


Mosadi enwa a re: “Ke ka lebaka lang ha o hopolela setjhaba sa Modimo ntho e tjee? Leha kgosi e bua mantswe ana, kgosi e a itswa, hobane ha e eso ka e lata mora wa yona ya phaphathehileng.


Tsena ke dipolelo tsa ho qetela tsa Davida: “Dipolelo tsa Davida, mora wa Jese, dipolelo tsa monna a phahamisitswe, motlotsuwa wa Modimo wa Jakobo, kgeleke ya tjhaba sa Iseraele:


Eitse ha Davida a bona lengeloi la Morena le timetsang setjhaba, a re ho Morena: “Ke nna ya sitilweng, ke nna ya entseng bobe; jwale dinku tsee tsona di entseng? Ke a rapela: Mpe o otle nna le ba lelapa leso.”


Mehleng ya ha Saule e ne e le kgosi ya rona, e ne e le wena ya etellang Baiseraele pele ha ba futuha. Morena a na a re ho wena: ‘O tla disa setjhaba sa ka sa Baiseraele, mme o tla ba kgosi ya Iseraele.’ ”


Yaba Davida o re ho Mikale: “Ke ne ke hobella Morena ya nkgethileng ho ena le ntatao le ba ntlo ya hae yohle, hore ke be kgosi ya setjhaba sa Morena sa Baiseraele; ke ka baka leo ke neng ke hobela kapele ho Morena.


Solomone a re: “O bile mohau haholo ho ntate, ho Davida mohlanka wa hao, hobane le yena a ile a tshepahala ho wena, a etsa tse lokileng, a hloka mano. Le kajeno o sa mmontshitse mohau ona o moholo, ka ho bea mora wa hae teroneng.


‘Ho tloha mohla ke ntshang setjhaba sa ka Egepeta, ha ho motse hara merabe ya Iseraele, oo nkileng ka o kgetha hore ke hahe Tempele eo ke tla dula ho yona; ke ne ke kgethe Davida hore a buse setjhaba sa ka sa Iseraele.’


“Ka baka lena, o tle o bolelle mohlanka wa ka Davida, o re: ‘Morena wa mabotho o bua tjena: Ke ne ke o late motebong, moo o neng o disa dinku teng, hore o tlo ba kgosi ya setjhaba sa ka sa Baiseraele.


Davida a re ho Modimo: “Ha ke re ke nna ya laetseng hore ho balwe setjhaba? Ke nna ya entseng sebe; ruri ke nna ya entseng bokgopo. Jwale dinku tsee tsona di entseng? Oho, Morena Modimo wa ka, ke a o rapela: Mpe o otle nna le ba lelapa leso, o se ke wa otla setjhaba sa hao.”


Jwale Morena a mpitsa ke ntse ke alositse, a re ho nna: ‘Eya, o yo porofetela setjhaba sa ka sa Iseraele.’


Davida a ratwa ke Modimo, mme a kopa ho fumanela Modimo wa Jakobo ntlo.


Samuele a nka lenaka la ole, a e tshela hloohong ya Saule, a mo aka, a re: “Morena o o tlotsa ka ole hore o be kgosi ya setjhaba sa hae. O tla busa setjhaba sa hae, e leng Baiseraele, mme o se namolele ho dira tsa sona tse se potapotileng. Hona e tla ba pontsho ya hore Morena o o tlotsitse ho ba kgosi ya setjhaba sa hae.


Mafutsana o a nyolla a le leroleng, bahloki o ba nyolla ba le moraheng, o ba dudisa mmoho le mahosana, terone ya tlotla e be lefa la bona; hoba tshiya tsa lefatshe ke tsa Morena, o theile lefatshe hodima tsona.


“Hosasane, ka nako yona ena, ke tla romela monna ya tswang naheng ya Benjamine ho wena. O tla mo tlotsa hore e be kgosi ya setjhaba sa ka, mme o tla namolela setjhaba sa ka matsohong a Bafilesita. Ke bone ho sotleha ha setjhaba sa ka, hobane sello sa sona se fihlile ho nna.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos