Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 7:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Jwale, bolella mohlanka wa ka Davida, o re: Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Ke ne ke o late merakeng, o setse dinku morao, hore ke o bee modisa wa setjhaba sa ka sa Iseraele.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 “Ka baka lena, o tle o bolelle mohlanka wa ka Davida, o re Morena wa mabotho o bua tjena: ‘Ke ne ke o late motebong, moo o neng o disa dinku teng hore o tlo ba mmusi wa setjhaba sa ka sa Baiseraele.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 7:8
17 Referencias Cruzadas  

Nathane a re ho Davida: Motho eo ke wena! Jehova, Modimo wa Iseraele, o re: Nkile ka o tlotsa hore o be morena wa Iseraele, ke bile ke o namoletse matsohong a Saule.


Mosadi a re: Homme ke ka baka lang ha o hopotse ho etsetsa setjhaba sa Modimo taba e kale ka eo na? Ka taba eo morena a e boletseng, o ikentse motho ya kang o molato, kahobane morena a sa late ngwana hae ya lelekilweng.


Mantswe a mang a Davida a ho qetella ke wona ana: Ho bolela Davida, mora Jese; ho bolela monna ya phahamiseditsweng hodimo, motlotsuwa wa Modimo wa Jakobo, moroki ya kgahlehang wa Iseraele.


Davida, ha a bona lengeloi le bolayang setjhaba, a bolella Jehova, a re: Bona, ke nna ke entseng hampe; nku tseo tsona di entseng? Tsoho la hao le otle nna le ntlo ya ntate!


Maoba le maobane, Saule haesale morena wa rona, e be e le wena ya futuhisang Baiseraele le ho ba orosetsa hae, le Jehova o kile a re ho wena: O tla disa setjhaba sa ka sa Iseraele, o be molaodi wa Iseraele.


Davida a re ho Mikale: Ke entse jwalo pela Jehova ya nkgethileng bakeng sa ntatao le bakeng sa bohle ba ntlo ya hae, hore a mpee motsamaisi wa setjhaba sa Jehova, sa Iseraele; ke ka baka leo ke ratang ho hobela pela Jehova;


Salomone a re: O entse ntate Davida, mohlanka wa hao, ka lereko le leholo kamoo a nnileng a tsamaya pela hao kateng, ka nnete, le ka ho loka, le ka bokgabane ba pelo; o mmoloketse tshitso e kgolo ka ho mo nea mora, hore a dule teroneng ya hae, jwalokaha ho le jwalo kajeno.


Esale mohla ke ntshang setjhaba sa ka sa Iseraele Egepeta, ha ke a ka ka kgetha motse o mong metseng ya meloko yohle ya Iseraele, hore ho hahuwe ntlo teng, hore lebitso la ka le be ho yona; ke mpa ke kgethile Davida ho ba morena wa setjhaba sa ka sa Iseraele.


Jwale, bolella mohlanka wa ka Davida, o re: Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Ke ne ke o late merakeng, kamora dinku, hore ke o bee motsamaisi wa setjhaba sa ka sa Iseraele.


Davida a re ho Modimo: Na hase nna ke laetseng hore ho balwe setjhaba na? Ke nna ke sitilweng, ke nna ke entseng bobe; dinku tseo tsona di entseng na? Jehova, Modimo wa ka, tsoho la hao le otle nna le ntlo ya ntate, mme le se ke la nna la kenya lefu setjhabeng sa hao!


Empa Jehova o ntshwere ke alositse mohlape, mme Jehova a re ho nna: Eya, o porofete hodima setjhaba sa ka sa Iseraele.


Davida a bona mohau pela Modimo, mme a kopa hore a batlele Modimo wa Jakobo tabernakele.


Yaba Samuele o nka lenaka la ole, a le tshollela hloohong ya hae, a mo aka, a re: Ha ke re, Jehova o o tlotseditse hore o be modisa wa setjhaba sa lefa la hae na?


O ntsha mofutsana ditholeng; o tlosa mofumanehi thotobolong, e le hore a ba dudise hara marena, mme a ba ruise terone ya kganya. Hobane metheo ya lefatshe ke ya Jehova; o tiisitse lefatshe lohle hodima yona.


Hosasane, ha ho le jwalo, ke tla o romela monna ya tswang naheng ya Benjamine; o ke o mo tlotse, e be mong a setjhaba sa ka sa Iseraele; o tla namolela setjhaba sa ka matsohong a Bafilesta, etswe ke hopotse setjhaba sa ka, kahobane dillo tsa sona di fihlile ho nna.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos