Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 2:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 O ntsha mofutsana ditholeng; o tlosa mofumanehi thotobolong, e le hore a ba dudise hara marena, mme a ba ruise terone ya kganya. Hobane metheo ya lefatshe ke ya Jehova; o tiisitse lefatshe lohle hodima yona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Mafutsana o a nyolla a le leroleng, bahloki o ba nyolla ba le moraheng, o ba dudisa mmoho le mahosana, terone ya tlotla e be lefa la bona; hoba tshiya tsa lefatshe ke tsa Morena, o theile lefatshe hodima tsona.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 2:8
31 Referencias Cruzadas  

Yaba Faro o romela ho bitsa Josefa; ba phakisa ba mo ntsha teronkong, mme a beolwa, a apeswa diaparo disele, a tla ho Faro.


Ke wena ya tlang ho ba mmusisi wa ntlo ya ka, mme setjhaba sa ka kaofela se tla buswa ka molomo wa hao; ke tla ba moholo ho wena ka terone feela.


Jwale, bolella mohlanka wa ka Davida, o re: Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Ke ne ke o late merakeng, o setse dinku morao, hore ke o bee modisa wa setjhaba sa ka sa Iseraele.


Erekaha ke o phahamisitse, ka o ntsha leroleng, ka o bea modisa wa setjhaba sa ka sa Iseraele, mme o ile ka mehlala ya Jeroboame, wa sebisa setjhaba sa ka sa Iseraele, ke tle ke halefiswe ke dibe tsa bona.


Jehu a tloha, a kena ka tlung, mme moporofeta a mo tshela ka ole hloohong, a re ho yena: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Ke o tlotsitse ho ba morena wa setjhaba sa Jehova, sa Iseraele.


Ke tswile popelong ya mme ke le feela, mme ke tla kgutlela teng ke le feela; Jehova o ne a neile, o boetse o latile: ho roriswe lebitso la Jehova.


A nka lengeta ho ikgwabitla ka lona, a ntse a dutse thotobolong.


Kgale o ne o thee lefatshe, mme mahodimo ke mosebetsi wa diatla tsa hao.


O tiisitse lefatshe metheong ya lona; le ke ke la sisinyeha le ka mohla o le mong.


a tlosa ba lesitsi bomadimabeng ba bona, a ba tsosetsa bana ba bangata ba ka ka mehlape ya dinku.


Hobane o le theile hodima mawatle, o le tiisitse hodima bodiba.


Lefatshe le a tlakasela le ba ahileng ho lona; empa ke nna ke tiisang ditshiya tsa lona. (Sela.)


Ke moo ke reng ho baikakasi: Le se ke la ikakasa! le ho banyefodi: Le se ke la phahamisa lenaka la lona.


empa ke Modimo o ahlolang: o kokobetsa e mong, mme e mong o mo phahamise.


Efela ya jwalo o tlile ho rena, a etswa tlung ya baholehuwa; o ne a hlahile ka bofutsana mmusong wa hae.


Ke tla mo hloma jwaloka thakgisa moo ho tiileng, e be setulo se kganyang tlung ya ntatae.


Yaba morena o phahamisa Daniele, a mo abela dineo tse ngata, tse kgolohadi, a mmea mmusisi wa naha yohle ya Babilona, le motsamaisi wa babohlale bohle ba Babilona.


Kahlolo eo e beilwe ke balebedi, morero oo o tswa taelong ya bahalaledi; hore ba utlwang ba tsebe hoba Mookamedi ya phahameng o na le mmuso hodima borena ba motho, le hobane o bo fa eo a ratang ho mo fa bona, le hoba a ka phahamisetsa ho bona ya fetisang ka bonyenyane.


Haele Daniele, a phakisa a feta mahosana a mang le marenana a mang, hobane a ne a na le moya o phahamileng, mme morena a hopola ho mmea hodima mmuso kaofela.


Yena eo e leng lehlasedi la kganya ya wona, le setshwantsho sa boleng ba wona, ya kakatlelang dintho tsohle ka lentswe la matla a hae, eitse hobane a etse hlatsuo ya dibe tsa rona, o ile ho dula ka letsohong le letona la Boholo bo hodimo;


Utlwang, banabeso ba ratwang! Na Modimo ha o a ka wa kgetha bafumanehi ba lefatshe lena, hore e be ba ruileng tumelong, le majalefa a mmuso oo o o baletseng ba o ratang?


Ho ya re ratileng, ya re hlatswitseng dibe tsa rona mading a hae, a ba a re bea marena le baprista ho Modimo, Ntatae, ho iswe kganya le matla kamehla le mehla! Amen!


Bosiu ha bo sa tla hlola bo eba teng, mme ha ba sa hloka lesedi la lebone, leha e le la letsatsi; hobane Morena Modimo o tla ba bonesa, mme ba tla busa kamehla le mehla.


Ya hlolang, ke tla mo fa ho dula le nna teroneng ya ka, jwalokaha le nna ke hlotse, mme ke dutse le Ntate teroneng ya hae.


mme o ba beile marena le baprista ho Modimo wa rona, mme ba tla busa hodima lefatshe.


Saule a re ho yena: Bua. Samuele a re: Ha ke re, o ne o le monyenyane le mahlong a hao, mohla o bewang hlooho ya meloko ya Iseraele, e le mohla Jehova a o tlotsang ho ba morena wa Iseraele na?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos