Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 6:3 - BIBELE

3 Daniele a ikgetha hara baokamedi le mahosana, hobane moya wa bohlale o ne o le ka ho yena. Kahoo kgosi ya rera ho mo etsa mookamedi wa puso yohle.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Haele Daniele, a phakisa a feta mahosana a mang le marenana a mang, hobane a ne a na le moya o phahamileng, mme morena a hopola ho mmea hodima mmuso kaofela.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 6:3
12 Referencias Cruzadas  

Hlokomelang, le se ke la fosa taelo ena, esere bobe bona ba tota, mme ba hlahisetsa dikgosi kotsi!”


Yaba ke bea Hanani, ngwaneso, le Hananiya, mookamedi wa qhobosheane ya kgosi, hore e be baokamedi ba Jerusalema. Hananiya e ne e le monna ya tshepahalang, ya tshabang Modimo ho feta batho ba bangata.


Moredekai wa Mojuda e ne e le yena ya hlahlamang kgosi Ahashuerushe, mme hara Bajuda e le yena ya ka sehloohong, a ratwa ke setjhaba sa habo. O ne a sebeletsa boiketlo ba setjhaba sa habo, mme a se buella hore se phediswe ka kgotso.


Ya nang le tsebo o tswara leme la hae, ya nang le kutlwisiso ha a ke a halefa.


Ha o bona motho wa setsebi sa mesebetsi, tseba eo o tla sebeletsa dikgosi, ha a ka ke a sebeletsa bathwana.


Ka bona hore bohlale bo molemo ho feta bothoto, jwalokaha lesedi le le molemo ho feta lefifi.


Daniele yena enwa, eo kgosi e ileng ya mo rea lebitso la Beleteshasare, o ile a ipaka hore o na le moya o motle, le tsebo, le kutlwisiso ya ho hlalosa ditoro, le ho hlalosa dilotho, le ho araba dipotso tse thata. Ere Daniele a bitswe, mme o tla o hlalosetsa hore na hona ho bolelang.”


Ke utlwile ho thwe moya wa medimo o teng ka ho wena, le hore o na le kelello e tjhatsi, le kutlwisiso, le bohlale bo hlollang.


Kgosi ya howeletsa hore ho bitswe balepi ba dinaledi, le Bakalaitya, le badupi. Ya bua le dinohe tsa Babilona, ya re: “Mang kapa mang ya ka balang mongolo ona, mme a ntlhalosetsa seo o se bolelang, o tla apeswa diaparo tse perese, a rweswe sekgama sa kgauta molaleng, e be mmusi wa boraro pusong ena ya ka.”


Hanghang ha o qala ho rapela, ke ile ka newa taelo; jwale ke tlilo o tsebisa yona, hobane o ya ratwang haholo. Ka baka leo, mamedisisa, mme o utlwisise pono ena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos